Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 50 leq. 120-leq. 121 ser. 5
  • Jehova o Sireletsa Josafate

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Sireletsa Josafate
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Kakaretso ya 2 Dikronike
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Na o Bona Batho ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Yona?
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Na o Tla Tshepa Dintho Tse Ngotsweng?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Bala Tse Ding
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 50 leq. 120-leq. 121 ser. 5
Morena Josafate le Balevi ba tswa Jerusalema ba tsamaya ka pela masole ba ntse ba bina

THUTO YA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena wa Juda ya bitswang Josafate o ile a fedisa dialetare tsa Baale le ditshwantsho tse rapelwang naheng eo. O ne a batla hore batho ba tsebe melao ya Jehova. Ka hoo, a romela babusi le Balevi dibakeng tsohle tsa Juda hore ba rute batho melao ya Jehova.

Ditjhaba tse haufi di ne di tshaba ho hlasela Juda ka ha di ne di tseba hore Jehova o tshehetsa batho ba hae. Ka hoo, tsa tlisetsa Morena Josafate dimpho. Empa Bamoabe, Baamone le batho ba ditjhaba tse ding ba tswang sebakeng se dithaba sa Seire, ba tla ho tla hlasela Juda. Josafate o ne a tseba hore o hloka thuso ya Jehova. Ka hoo, a bokella banna, basadi le bana Jerusalema. A rapela ka pela bona a re: ‘Jehova, re kopa o re thuse. Re kopa o re bolelle hore na re etseng.’

Yaba Jehova o re ho bona: ‘Le se ke la tshoha. Ke tla le thusa. Emang dibakeng tsa lona mme le bone ha ke le pholosa.’ Jehova o ile a ba pholosa jwang?

Ka le hlahlamang hoseng, Josafate o ile a kgetha dibini mme a re di tsamaye ka pela masole. Yaba ba tloha Jerusalema ba ya ntweng e neng e lwanelwa sebakeng se bitswang Tekowa.

Ha dibini di ntse di rorisa Jehova ka pina, o ile a lwanela batho ba hae. A ferekanya Baamone le Bamoabe hoo ba ileng ba qala ho bolayana mme ha se ke ha eba le ya mong wa bona ya phonyohang. Empa Jehova a sireletsa batho bohle ba Juda. Batho ba ditjhaba tsohle ba utlwa seo Jehova a se entseng. Ka hoo, ba tseba hore Jehova o ne a sireleditse batho ba hae. Empa Jehova o sireletsa batho ba hae jwang? Ka ditsela tse ngata. Ha a hloke thuso ya batho.

“Ho ke ke ha hlokahala hore le lwane. Le eme feela mme le bone ha Jehova a le pholosa.”​—2 Dikronike 20:17

Dipotso: Morena Josafate e ne e le motho ya jwang? Jehova o ile a sireletsa Juda jwang?

2 Dikronike 17:​1-19; 20:​1-30

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela