LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 55 leq. 132
  • Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • Ezekiase o Ile a Hlohonolofatswa ka Lebaka la ho ba le Tumelo
    Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 55 leq. 132
Lengeloi le hlasela Baasiria

THUTO YA 55

Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

Baasiria ba ne ba hapile mmuso wa Iseraele wa maloko a leshome. Jwale Morena Sankeribe wa Asiria, o ne a batla ho hapa le mmuso wa Juda wa maloko a mabedi. O ne a se a hapile metse e meng ya Juda mme jwale a batla ho hapa Jerusalema. Empa Sankeribe o ne a sa tsebe hore Jehova o sireleditse Jerusalema.

Morena Ezekiase wa Juda o ile a fa Sankeribe tjhelete e ngata e le hore a se ke a hlasela Jerusalema. Sankeribe o ile a nka tjhelete eo, empa a nna a romela lebotho la hae le matla ho hlasela Jerusalema. Baahi ba Jerusalema ba ile ba tshoha, kaha Baasiria ba ne ba ntse ba atamela. Yaba Ezekiase o re: ‘Le se ke la tshoha. Baasiria ba matla, empa Jehova o tla re fa matla a fetang a bona.’

Yaba Sankeribe o roma Rabshake hore a eo soma Baiseraele. Ka hoo, Rabshake a ema ka ntle ho motse mme a hweletsa a re: ‘Jehova a ke ke a le thusa. Le se ke la dumella Ezekiase hore a le qhekelle. Ha ho na modimo ya ka le sireletsang matsohong a rona.’

Ka hoo, Ezekiase o botsa Jehova hore na a etseng. Jehova a re: ‘O se ke wa tshoswa ke seo Rabshake a se buang. Sankeribe a ke ke a hapa Jerusalema.’ Ka mora moo, Ezekiase a fumana mangolo a tswang ho Sankeribe. Mangolo ao a ne a re: ‘Inehele. Jehova a ke ke a o pholosa.’ Ka hona, Ezekiase a rapela, a re: ‘Jehova re kopa o re sireletse, e le hore batho bohle ba tle ba tsebe hore ke wena feela Modimo wa nnete.’ Jehova a re ho yena: ‘Morena wa Asiria ha a na ho kena Jerusalema. Ke tla sireletsa motse oo wa ka.’

Sankeribe o ne a nahana hore o haufi le ho hapa Jerusalema. Empa bosiu bo bong, Jehova a romela lengeloi moo masole a robetseng teng ka ntle ho motse. Lengeloi leo la bolaya masole a 185 000! Morena Sankeribe a lahlehelwa ke masole a hae a matla. Ka ha o ne a hlotswe, a tlameha ho kgutlela hae. Ka tsela eo, Jehova a sireletsa Ezekiase le motse wa Jerusalema, feela jwalo ka ha a ne a tshepisitse. Haeba o ne o le Jerusalema ka nako eo, na o ne o tla tshepa Jehova?

“Lengeloi la Jehova le sireletsa ba mo tshabang ebile le a ba pholosa.”​—Pesaleme ya 34:7

Dipotso: Jehova o ile a sireletsa Jerusalema jwang? Na o nahana hore le wena Jehova o tla o sireletsa?

2 Marena 17:​1-6; 18:​13-37; 19:​1-37; 2 Dikronike 32:​1-23

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share