LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lfb thuto 91 leq. 212-leq. 213 ser. 1
  • Jesu o Tsoswa Bafung

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Jesu o Tsoswa Bafung
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dintlha tse Ding
  • “Ke Bone Morena!”
    Etsisa Tumelo ya Bona
  • Ithute Dinthong Tseo Jesu a Ileng a di Etsa Matsatsing a 40 a ho Qetela a le Lefatsheng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 91 leq. 212-leq. 213 ser. 1
Bomme ba maketse ha ba bona ho se na letho ka lebitleng la Jesu

THUTO YA 91

Jesu o Tsoswa Bafung

Ka mora hore Jesu a shwe, ntate ya ruileng ya bitswang Josefa o ile a kopa hore Pilato a mo dumelle ho theola setopo sa Jesu palong. Josefa o ile a phuthela setopo sa Jesu ka lesela, a mo tshela ka matswai yaba o mo kenya ka lebitleng. A re ba kwale lebitla leo ka lejwe le leholo. Baprista ba ka sehloohong ba ile ba re ho Pilato: ‘Re tshaba hore ba bang ba balatedi ba Jesu ba ka nna ba nka setopo sa hae ebe ba re o tsohile bafung.’ Yaba Pilato o re ho bona: ‘Kwalang lebitla mme le le lebele.’

Ka mora matsatsi a mararo, bomme ba bang ba ile ba ya lebitleng la Jesu hoseng yaba ba fumana ho tlositswe lejwe. Lengeloi le ile la re ho basadi bao: ‘Le se ke la tshoha. Jesu o tsositswe bafung. Tsamayang le ilo bolella barutuwa ba hae hore ba kopane le yena Galilea.’

Maria Magdalena o ile a potlakela ho ya kopana le Petrose le Johanne. A re ho bona: ‘Ho na le motho ya nkileng setopo sa Jesu!’ Ba mathela lebitleng la Jesu. Ha ba fihla, ba fumana hore ha ho na letho ka lebitleng yaba ba kgutlela hae.

Ha Maria a kgutlela lebitleng, o ile a bona mangeloi a mabedi yaba o re ho wona: ‘Ha ke tsebe hore na ba isitse Morena wa ka hokae.’ O ile a bona ntate eo a neng a nahana hore ke mohlokomedi wa jarete yaba o re ho yena: ‘Ntate, na o ka tseba hore na ba isitse Jesu hokae?’ Ha ntate eo a re: “Maria!” o ile a tseba hore ke Jesu. O ile a hweletsa a re: “Mosuwe!” yaba wa mo haka. Jesu o ile a re ho yena: ‘Tsamaya o jwetse bana beso hore o mpone.’ Hanghang Maria o ile a matha a bolella barutuwa hore o bone Jesu.

Hamorao letsatsing leo, barutuwa ba babedi ba Jesu ba ne ba tswa Jerusalema ba ya Emmause. Ho na le ntate ya ileng a fihla a ba botsa hore na ba ntse ba bua ka eng. Ba re ho yena: ‘Ha o eso utlwe? Baprista ba ka sehloohong ba bolaile Jesu matsatsi a mararo a fetileng. Jwale ho na le basadi ba reng o a phela.’ Ntate eo a re: ‘Ha le dumele seo baprofeta ba se buileng ha ba re Jesu o tla shwa a be a tsoswe bafung?’ Yaba o tswela pele ho ba hlalosetsa Mangolo. Ha ba fihla Emmause, barutuwa ba ile ba re ntate eo a tsamaye le bona. Ka mora hore a rapelle dijo tsa mantsiboya, ba ile ba hlokomela hore ke Jesu. Yaba Jesu o a nyamela.

Barutuwa bana ba ile ba potlakela Jerusalema ntlong eo baapostola ba neng ba le ho yona mme ba ba bolella dintho tsohle tse etsahetseng. Ha ba le ka tlung, Jesu o ile a hlaha ho bona kaofela. Qalong baapostola ba ne sa dumele hore ke Jesu. Yaba o re ho bona: ‘Shebang matsoho a ka mme le a tshware. Boprofeta bo itse Jesu o tla tsoha bafung.’

“Ke nna tsela, nnete le bophelo. Ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.”​—Johanne 14:6

Dipotso: Ho ile ha etsahalang ha bomme ba bang ba fihla lebitleng la Jesu? Ho ile ha etsahalang tseleng ha barutuwa ba Jesu ba ne ba ya Emmause?

Matheu 27:​57–28:​10; Mareka 15:​42–16:8; Luka 23:​50–24:​43; Johanne 19:​38–20:23

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share