Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • lfb thuto 102 leq. 236-leq. 237 ser. 2
  • Dintho Tseo Johanne a di Boneng

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dintho Tseo Johanne a di Boneng
  • Ithute Dipaleng Tsa Bibele
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Mmuso wa Modimo Keng?
    Bibele e re Rutang?
  • “Bonang! Bongata bo Boholo”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Ithute Dipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 102 leq. 236-leq. 237 ser. 2
Moapostola Johanne o ngola buka ya Tshenolo

THUTO YA 102

Dintho Tseo Johanne a di Boneng

Ha moapostola Johanne a le teronkong Patmose, Jesu o ile a mo bontsha dintho tse 16 tseo e leng hona di tlo etsahala. Dintho tsena di ne di bontsha ka moo lebitso la Jehova le tla halaletswa ka teng, hore Mmuso wa hae o tla tla le hore thato ya hae e tla etswa lefatsheng jwalo ka ha e etsahala lehodimong.

Johanne a bona Jehova a dutse teroneng ya hae lehodimong a ena le baholo ba 24 ba apere diaparo tse tshweu, ba rwetse dikorone tse mmala wa kgauta. Teroneng ha tswa mahadima le diaduma. Baholo ba 24 ba kgumamela Jehova ba a mo rapela. Hape Johanne a bona batho ba bangata ba tswang dinaheng tsohle le dipuong tsohle ba rapela Jehova. Konyana e leng Jesu, ya ba tataisa mme ya ba isa metsing a bophelo. Johanne o ile a boela a bona Jesu a qala ho busa e le Morena lehodimong ha mmoho le baholo ba 24. Hape Johanne a bona Jesu a lwantsha drakone e bitswang Satane le bademona ba hae. Jesu a ba ntsha lehodimong a ba lahlela lefatsheng.

Jesu le ba 144 000 ba Thabeng ya Sione

Yaba Johanne o bona Konyana le ba 144 000 ba eme Thabeng ya Sione. A bona lengeloi le fofa sebakeng le jwetsa batho hore ba tshabe Modimo mme ba mo rapele.

A boela a bona ntwa ya Armagedone. Ntweng eo, Jesu le lebotho la hae ba fedisa puso e kgopo ya Satane. Qetellong Johanne o bona kgotso lehodimong le lefatsheng. Satane le bademona ba hae ba a fediswa. Bohle lehodimong le lefatsheng ba rapela Jehova feela mme ba halaletsa lebitso la hae.

“Ke tla etsa hore wena le mosadi le hloyane le hore bana ba hao le ngwana wa hae ba hloyane. Ngwana eo o tla o kgoba hlooho mme wena o tla mo loma serethe.”​—Genese 3:15

Dipotso: Ke dintho tse kae tseo Johanne a di boneng? Jesu o tla etsang ka ntwa ya Armagedone?

Tshenolo 1:​1-3; 4:​1-11; 7:​4, 9-17; 11:​15-18; 12:​5-12; 14:​6, 7; 16:​14, 16; 21:5

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela