Selelekela sa Karolo ya 14
Bakreste ba mehleng ya Jesu ba ne ba bolella batho ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo ho isa dibakeng tse hole. Jesu o ile a ba bolella hore na ba rute batho dibakeng dife. Hape, ka mohlolo a etsa hore ba bue dipuo tsa batho bao ba ba rutang. Jehova o ile a ba thusa hore ba be sebete le ha ba hloriswa.
Jesu o ile a bontsha moapostola Johanne kganya ya Jehova ponong. Ponong e nngwe, Johanne o ile a bona Mmuso wa Modimo o fedisa puso ya Satane ka ho sa feleng. O ile a bona Jesu e le Morena mme a ena le ba 144 000 ba tla busa le yena. Johanne o ile a boela a bona ha lefatshe lohle e eba paradeise mme batho bohle ba rapela Jehova ka kgotso ebile ba momahane.