PINA YA 7
Jehova ke Matla a Rona
1. Mmopi Jehova o matl’a rona,
Modimo wa rona ya leng mosa.
Ke rona Dipaki tsa Ntswe la hao.
Re bolella bohle nnete ya hao.
(KHORASE)
Jehova Ntate, o matl’a rona.
Re tsebahatsa bitso la hao.
Jehova ke Lefika la rona,
Setshabelo le Thebe ya rona.
2. Re o sebeletsa re thabile.
O re thusitse ho tseba nnete.
O re tataisa ka Lentswe la hao
Hore re emele Mmuso wa hao.
(KHORASE)
Jehova Ntate, o matl’a rona.
Re tsebahatsa bitso la hao.
Jehova ke Lefika la rona,
Setshabelo le Thebe ya rona.
3. Re mamela melao yohle ya hao
Le ha Satane a re hlasela.
Re fe sebete ha re hloriswa
Hore re dule re tshepahala.
(KHORASE)
Jehova Ntate, o matl’a rona.
Re tsebahatsa bitso la hao.
Jehova ke Lefika la rona,
Setshabelo le Thebe ya rona.
(Sheba le 2 Sam. 22:3; Pes. 18:2; Esa. 43:12.)