PINA YA 41
Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka
Printed Edition
1. Ako utlwe pina ya ka Jah
Modimo’a ka ke wena feela.
Bitso la hao ke le phahameng.
(CHORUS)
Ntate ya mosa, ako nkutlwe.
2. Modimo’a ka ke’a o leboha,
Ka bophelo le tataiso.
Ke thabela paballo ya hao.
(CHORUS)
Ntate ya mosa, ako nkutlwe.
3. Ke rata ho etsa ho loka!
Ako nthuse, Morena wa ka,
Ke tsamaye leseding la hao.
(CHORUS)
Ntate ya mosa, ako nkutlwe.
(Sheba le Ex. 22:27; Pes. 106:4; Jak. 5:11.)