PINA YA 100
Re Amohele Baeti
Printed Edition
1. Mmopi o amohela batho bohle.
O hlokomela batho a sa kgethe.
O ba fa letsatsi
ha mmoho le pula.
O kgotsofatsa batho bohle.
Re tla etsisa Modimo wa rona
Ka ho hlokomela batho ba hlokang.
O tla buseletsa
molemo wa rona
Ha re bontsha mosa ho bohle.
2. Ha re tsebe molemo o ka hlahang
Ha re tswela pele ho thusa ba bang.
Re rate le batho
ba merabe yohle,
Re ba bontshe mosa ka mehla.
Jwalo ka Lydia, ba amoheleng.
Ba tla fumana kgotso le phomolo.
Jehova o bona
lerato la rona.
O tla re hlohonolofatsa.
(Sheba le Dik. 16:14, 15; Bar. 12:13; 1 Tim. 3:2; Baheb. 13:2; 1 Pet. 4:9.)