KAROLO YA BONE
“Ke Tla Etsa ka Hohle ho Lwanela Lebitso la ka le Halalelang”—Modimo o Sireletsa Borapedi ba Nnete
NTLHAKGOLO: Jehova o sireletsa batho ba hae nakong ya mahlomola a maholo
Jehova o a re rata, le ha ho le jwalo o tla re ahlola ho ya ka dintho tseo re di etsang. Modimo o ikutlwa jwang ka batho ba reng ba a mo rapela empa tsela eo ba itshwereng ka yona e bontsha hore ha ba mo tshepahalle? O tlo kgetha batho ba tla pholoha mahlomola a maholo jwang? Ke hobaneng ha Jehova e leng Modimo ya lerato a tla ahlola batho ba bangata ba kgopo?