LEBOKOSE LA 9D
Boprofeta ba ho Iswa Botlamuweng le ho Tsosolosa Borapedi ba Nnete
Boholo ba boprofeta bo buang ka hore Baiseraele ba tla ya botlamuweng bo ile ba phethahala ka tsela e kgolo ha phutheho ya Bokreste e eba botlamuweng Babilona e Moholo. Nahana ka mehlala ena.
1. DITEMOSO |
2. BA ISWA BOTLAMUWENG |
3. BORAPEDI BA NNETE BO A TSOSOLOSWA |
|
---|---|---|---|
LEKGETLO LA PELE |
Pele ho 607 B.C.E.—Esaia, Jeremia le Ezekiele ba ile ba lemosa batho ba Jehova empa bokwenehi bo ile ba nna ba eba teng |
Ka 607 B.C.E.—Jerusalema e a fediswa mme batho ba Modimo ba iswa botlamuweng Babilona |
Ka 537 B.C.E. ho ya pele—Batho ba seng bakae ba tshepahalang ba kgutlela Jerusalema, ba tsosolosa tempele le borapedi ba nnete |
BO PHETHAHALA KA TSELA E KGOLO |
Mehleng ya baapostola—Jesu, Pauluse le Johanne ba ile ba lemosa phutheho empa bokwenehi bo ile ba nna ba eba teng |
Ho tloha ka 100 C.E.—Bakreste ba nnete ba iswa botlamuweng Babilona e Moholo |
Ka 1919 C.E. ho ya pele—Pusong ya Jesu, batlotsuwa ba tshepahalang ba ile ba bona ha ho lokollwa batho ba Modimo botlamuweng Babilona e Moholo le ha ho tsosoloswa borapedi ba nnete |