LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • th thuto 10 leq. 13
  • Fetofetola Modumo wa Lentswe

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Fetofetola Modumo wa Lentswe
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dintlha tse Ding
  • Mafolofolo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Bontsha Kgodiseho
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Mokgwa wa ho Qoqa
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Leka ho Ama Dipelo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 10 leq. 13

THUTO YA 10

Fetofetola Modumo wa Lentswe

Lengolo le bontshitsweng

Liproverbia 8:4, 7

KAKARETSO: Hlakisa dintlha tsa hao hape o bontshe boikutlo ka seo o se buang ka hore o fetofetole modumo, lebelo le botebo ba lentswe la hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Fetofetola modumo wa lentswe. Phahamisa lentswe ho hlakisa dintlha tsa hao le ha o kgothatsa bamamedi. Etsa se tshwanang ha o bala mangolo a buang ka dikahlolo tsa Modimo. Theola modumo wa lentswe ha o bua ka ntho e tshosang le ha o batla hore bamamedi ba batle ho tseba ho eketsehileng ka taba.

    Keletso

    O se ke wa phahamisa lentswe haholo hoo bamamedi ba ka utlwang e ka wa ba omanya. Etsa sohle hore o se ke wa etsa dintho tse tla etsa hore batho ba shebe wena ho ena le hore ba mamele puo ya hao.

  • Botebo ba lentswe. Tebisa lentswe ha o bontsha bohlokwa ba taba le ha o hlalosa boholo kapa botelele ba ntho e itseng. Tebisa lentswe ha o bua ka ntho e utlwisang bohloko.

  • Fokotsa kapa o eketse lebelo. Bontsha tjheseho ha o bua ka taba e thabisang. Fokotsa lebelo ha o bua ka dintlha tsa bohlokwa.

    Keletso

    E le hore o se ke wa makatsa bamamedi, ha o a lokela ho fetola lebelo ho sa hlokahale. O se ke wa bua kapele hoo bamamedi ba hao ba ka qetellang ba sa utlwe hore na o ntse o reng.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share