Qalella ho Bala Bibele
O ka kgona ho thabela ho bala Bibele. E meng ya mehlala e ka o thusang ke ena. Kgetha sehlooho seo o se ratang ebe o bala mangolo a hlahang tlasa sona.
Batho ba Tsebahalang le Dipale
Noe le Morwallo: Genese 6:9–9:19
Moshe Lewatleng le Lefubedu: Exoda 13:17–14:31
Ruthe le Naomi: Ruthe kgaolo ya 1-4
Davida le Goliathe: 1 Samuele kgaolo ya 17
Abigaile: 1 Samuele 25:2-35
Daniele ka sekoting sa ditau: Daniele kgaolo ya 6
Elizabetha le Maria: Luka kgaolo ya 1-2
Dintho Tse ka re Thusang Letsatsi le Letsatsi
Lelapa: Baefese 5:28, 29, 33; 6:1-4
Setswalle: Liproverbia 13:20; 17:17; 27:17
Thapelo: Pesaleme ya 55:22; 62:8; 1 Johanne 5:14
Thuto ya Thabeng: Matheu kgaolo ya 5-7
Mosebetsi: Liproverbia 14:23; Moeklesia 3:12, 13; 4:6
Ha o Hloka Thuso ka . . .
Ho nyahama: Pesaleme ya 23; Esaia 41:10
Bohloko ba ho hlokahallwa: 2 Bakorinthe 1:3, 4; 1 Petrose 5:7
Ho ikutlwa o le molato: Pesaleme ya 86:5; Ezekiele 18:21, 22
Seo Bibele e se Buang ka . . .
Matsatsi a ho qetela: Matheu 24:3-14; 2 Timothea 3:1-5
Tshepo eo re nang le yona ka bokamoso: Pesaleme ya 37:10, 11, 29; Tšenolo 21:3, 4
KELETSO: E le hore o bone dintlha kaofela mabapi le mangolo a ka hodimo, bala kgaolo kapa dikgaolo tseo a hlahang ho tsona. Sebedisa tjhate e hlahang qetellong ya buka ena e nang le sehlooho se reng “Tshwaya Moo o Seng o Badile” e le hore o tshwaye kgaolo eo o e badileng. Etsa hore o bale karolo e itseng ya Bibele letsatsi le letsatsi.