Mekete
Mekete eo Bakreste ba e ketekang
Ke mokete ofe oo Bakreste ba o ketekang?
Batho ba Modimo ba thabela ho kopana ha mmoho bakeng sa ho mo rapela
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
2Kr 30:1, 6, 13, 14, 18-27—Morena Ezekiase o ile a etsa ditlhophiso tsa hore ho tshwarwe mokete o moholo wa Paseka
Mekete eo Bakreste ba sa e ketekeng
Ke hobaneng ha ho fosahetse ho keteka mokete o amanang le borapedi ba bohata?
1Ko 10:21; 2Ko 6:14-18; Ef 5:10, 11
Sheba le “Ho Kopanya Bodumedi ba Nnete le ba Bohata”
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ex 32:1-10—Jehova o ne a halefile haholo ha Baiseraele ba ne ba rapela setshwantsho seo ba neng ba re se emela yena
Nu 25:1-9—Jehova o ile a otla batho ba ileng ba kenella meketeng ya bohetene le ho etsa boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano
Na Keresemese ke mokete wa Bokreste?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Lu 2:1-5—Ha Jesu a ne a hlaha, batho bohle ba neng ba le tlasa puso ya Roma ba ne ba lokela ho ngodiswa empa ka ha Bajuda ba ne ba tletse borabele, Baroma ba ne ba ke ke ba ba qobella hore ba nke leeto mariha
Lu 2:8, 12—Nakong eo Jesu a hlahileng ka yona badisa ba ne ba phela naheng le dinku. Ba ne ba ke ke ba kgona ho phela naheng ka December ka ha sebakeng seo e ne e le mariha
Na Bakreste ba lokela ho keteka matsatsi a tswalo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 40:20-22—Letsatsing leo ka lona Faro wa mohetene a ketekang letsatsi la hae la tswalo, ho ile ha eba le motho ya bolawang
Mat 14:6-11—Letsatsing leo Morena Heroda ya neng a hloile balatedi ba Kreste a ketekang letsatsi la hae la tswalo, o ile a laela hore Johanne Mokolobetsi a bolawe
Mekete e neng e thehilwe Molaong wa Moshe
Na Bakreste ba lokela ho latela Molao wa Moshe, ho akareletsa le ho keteka mekete e fapaneng e hlahang molaong oo?
Sheba le Gal 4:4, 5, 9-11; Heb 8:7-13; 9:1-3, 9, 10, 24
Na Bakreste ba lokela ho mamela molao o mabapi le Sabatha?
Sheba le Ex 31:16, 17
Mekete ya naha
Na Bakreste ba lokela ho kenella ha dinaha tsa habo bona di keteka dintho tseo di di finyeletseng?
Na Bakreste ba lokela ho kenella ha dinaha tseo ba phelang ho tsona di keteka tlholo ya tsona dintweng?
Sheba le “Mebuso—Bakreste ha ba Kenelle Dipolotiking” le “Dintwa”
Na Bakreste ba lokela ho nka karolo meketeng e fang batho tlhompho e lokelang ho fuwa Jehova?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dik 12:21-23—Modimo o ile a otla Morena Heroda Agripa wa Pele hobane o ile a dumela ha batho ba mo rapela
Dik 14:11-15—Moapostola Barnabase le Pauluse ba ile ba hana ho rapelwa
Tshe 22:8, 9—Lengeloi la Jehova le ile la hana ho rapelwa