Kgalemelo
Ke hobaneng ha kgalemelo e hlahang ka Bibeleng e le ya bohlokwa haholo?
Ke hobaneng ha kaofela re hloka tataiso le kgalemelo?
Ke hobaneng ha Jehova a re kgalemela?
Sheba le De 8:5; Pr 13:24; Tshe 3:19
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Sa 12:9-13; 1Ma 15:5; Dik 13:22—Ka lerato Jehova o ile a kgalemela Morena Davida ha a entse dibe tse tebileng mme a mo tshwarela
Jon 1:1-4, 15-17; 3:1-3—Jehova o ile a kgalemela moprofeta Jonase ka mora ho baleha kabelo eo a neng a mo file yona mme a mo fa monyetla wa hore a lokise phoso ya hae
Ke hobaneng ha re lokela ho nka tayo eo Jehova a fanang ka yona e le ya bohlokwa?
Pr 9:8; 12:1; 17:10; Heb 12:5, 6
Sheba le 2Kr 36:15, 16
Ho tla etsahalang ka batho ba sa mameleng ha Modimo a ba kgalemela?
Pr 1:24-26; 13:18; 15:32; 29:1
Sheba le Jer 7:27, 28, 32-34
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Jer 5:3-7—Batho ba Modimo ba ile ba thatafatsa dipelo tsa bona ha Jehova a ba kgalemela mme ba hana ho baka, sena se ile sa etsa hore ba fuwe kgalemelo e matla ho feta ya pele
Sof 3:1-8—Baahi ba Jerusalema ba ile ba hana ho mamela ha Jehova a ba kgalemela mme seo se ile sa ba bakela bomadimabe
Kgalemelo ya Jehova e ka re tswela molemo jwang?
Pr 4:13; 1Ko 11:32; Tit 1:13; Heb 12:10, 11
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
De 30:1-6—Moprofeta Moshe o ile a bolella batho hore haeba ba ne ba mamela, Jehova o ne a tla ba hlohonolofatsa
2Kr 7:13, 14—Jehova o ile a bolella Morena Solomone ka dintho tse ntle tse neng di tla etsahalla setjhaba haeba se ne se ka mamela kgalemelo ya Hae
Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re ithute ho batho ba ileng ba kgalemelwa?
Ke hobaneng ha re sa lokela ho thaba ha batho ba bang ba fuwa kgalemelo e matla?
Ke eng eo re lokelang ho e etsa e le hore re rue molemo ha Jehova a re kgalemela le ho re laya?
Sheba le De 17:18, 19; Ps 119:97
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Kr 22:11-13—Morena Davida o ile a bolella mora wa hae Solomone hore Jehova o ne a tla mo hlohonolofatsa haeba a ne a ka dula a mamela melao ya Hae
Ps 1:1-6—Jehova o tshepisa ho hlohonolofatsa batho ba balang le ho nahana ka molao wa Hae
Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho kgalemela bana ba bona ho ba bontsha hore ba a ba rata?
Sheba “Batswadi”
Bana ba lokela ho etsang ha batswadi ba bona ba ba kgalemela?
Sheba “Lelapa—Bana”