Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl leq. 31
  • Bontate

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Bontate
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl leq. 31

Bontate

Bontate ba na le boikarabelo bofe?

De 6:​6, 7; Ef 6:4; 1Ti 5:8; Heb 12:​9, 10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 22:2; 24:​1-4—Abrahama o ne a rata Isaka haholo hoo a ileng a etsa bonnete ba hore o nyala mosadi ya ratang Jehova

    • Mat 13:55; Mar 6:3—Jesu o ne a bitswa “mora wa mmetli wa mapolanka” mme le yena e ne e le “mmetli wa mapolanka.” Sena se bontsha hore Josefa o ne a mo rutile mosebetsi

Ke hobaneng ha bontate ba lokela ho ratwa le ho hlomphuwa?

Ex 20:12

Sheba le Mat 6:9

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Hos 11:​1, 4—Jehova o bontsha hore o nka bontate ba le bohlokwa ka hore ebe o ba behela mohlala jwalo ka Ntate. O ruta batho ba hae le ho ba hlokomela ka lerato feela jwalo ka ha ntate a hlokomela bana ba hae

    • Lu 15:​11-32—Jesu o ile a bontsha hore o nka bontate ba le bohlokwa ka ho etsa mohlala ona ho bontsha hore Jehova o lerato ebile o tshwarela baetsadibe ba bakang

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela