Ho Fana
Sheba le Pr 19:17; Mat 10:8; Lu 6:38
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
1Kr 22:6-16—Le hoja Morena Davida a sa ka a fuwa monyetla wa ho haha tempele, ka pelo yohle o ile a fana ka dintho tse neng di tla sebediswa hore e hahwe
1Ma 17:8-16—Mohlolohadi wa Sarepta o ile a fa moprofeta Elia dijo tsa bona tsa ho qetela le hoja a ne a tseba hore ka mora moo ba tlo shwa ke tlala
Keng e bontshang hore ha ho na motho ya fanang jwalo ka Jehova?
Ke ho fana ha mofuta ofe ho sa thabiseng Modimo?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Ge 4:3-7; 1Jo 3:11, 12—Ke hobaneng ha nyehelo ya Kaine e sa ka ya thabisa Modimo?
Dik 5:1-11—Ananiase le Safira ba ile ba otlwa hobane ba ile ba bua leshano ka mpho ya bona le hore ebe ba ile ba fana ka yona ka sepheo se fosahetseng
Ke ho fana ha mofuta ofe ho thabisang Modimo?
Mat 6:3, 4; Bar 12:8; 2Ko 9:7; Heb 13:16
Sheba le Dik 20:35
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Lu 21:1-4—Jesu o ile a babatsa mohlolohadi ya futsanehileng ka ho fana ka mpho le hoja mpho ya hae e ne e le nyenyane
Ke ditlhophiso dife tseo Bakreste ba pele ba neng ba di entse e le hore ba fane?
Dik 11:29, 30; Bar 15:25-27; 1Ko 16:1-3; 2Ko 9:5, 7
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dik 4:34, 35—Diphutheho di ile tsa fana mme baapostola ba ile ba abela batho ba neng ba hloka tjhelete
2Ko 8:1, 4, 6, 14—Diphutheho di ile tsa etsa ditlhophiso tsa hore ho fanwe ka thuso ho ba neng ba haellwa
Ke boikarabelo bofe ba bohlokwa boo Bakreste ba nang le bona ho ba malapa a bona le ho Bakrestemmoho le bona?
Bibele e re ruta hore re lokela ho tshwara batho ba futsanehileng jwang?
Keng e bontshang hore tsela e molemo ka ho fetisisa eo re ka thusang batho ka yona ke ka ho ba ruta ka Modimo?
Mat 5:3, 6; Joh 6:26, 27; 1Ko 9:23
Sheba le Pr 2:1-5; 3:13; Moe 7:12; Mat 11:4, 5; 24:14
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Lu 10:39-42—Jesu o ile a thusa Maretha hore a utlwisise hore dintho tse matlafatsang tumelo ya rona di lokela ho tla pele