Ditlotla
Na re lokela ho bitsa ba etellang pele ka ditlotla tse ba rorisang tsa bodumedi?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Lu 18:18, 19—Re a tseba hore Jesu o molemo empa o ile a hana ho bitswa “Mosuwe ya molemo,” a re tlotla eo e tshwanetse Jehova feela
Ke hobaneng ha Bakreste ba sa bitse ba etellang pele ka ditlotla tse ba rorisang tse kang “Ntate” kapa “Moetapele”?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mat 23:9-12—Jesu o ile a re batho ba se ke ba bitswa ka ditlotla tse ba rorisang jwalo ka “Ntate” kapa “Moetapele”
1Ko 4:14-17—Le hoja moapostola Pauluse e ne eka ntate ho Bakreste ba bangata, ka Bibeleng ha ho na moo re balang ka yena a bitswa Ntate Pauluse
Ke hobaneng ha re bitsa Bakrestemmoho le rona bara le baradi ba bo rona, le ho sebedisana le bona jwalo ka bana ba bo rona?
Sheba le Dik 12:17; 18:18; Bar 16:1
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Mat 12:46-50—Jesu o ile a re batho ba etsang thato ya Jehova ke bona bana babo
Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho bitsa batho ba nang le matla a bolaodi kapa baahlodi ka ditlotla tse ba lokelang?
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Dik 26:1, 2, 25—Ha moapostola Pauluse a ne a bua le Agripa le Festase o ile a ba bitsa ka ditlotla tsa bona