Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 71-72
  • Ho Tshepahalla Jehova

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Tshepahalla Jehova
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 71-72

Ho Tshepahalla Jehova

Ho tshepahalla Jehova ho bolelang?

Ps 18:​23-25; 26: 1, 2; 101: 2-7; 119:​1-3, 80

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Le 22:​17-22—Jehova o ne a lebeletse hore ha Baiseraele ba mo etsetsa mahlabelo, ba mo etsetse ka diphoofolo tse “phetseng hantle.” Polelwana “phetseng hantle” e ka boela ya bolela “botshepehi” ka Seheberu. Sena se bolela hore ho tshepahalla Jehova ho akareletsa ho mo sebeletsa le ho inehela ho yena ka ho feletseng

    • Job 1:​1, 4, 5, 8; 2:3—Mohlaleng wa Jobo, re a ithuta hore e le hore motho a tshepahalle Jehova o lokela ho mo hlompha haholo, a rapele yena feela a be a qobe ho etsa dintho tseo Jehova a sa di rateng

Ke hobaneng ha re lokela ho tshepahalla Jehova?

Ps 7:​8, 9; 25:21; 41:12; Pr 10:9; 11:3

Sheba le Mar 12:30

Keng e ka re thusang hore re dule re tshepahalla Jehova?

1Kr 29:17; Pr 2:7

Sheba le Pr 27:11; 1Jo 5:3

Re ka etsang hore re dule re tshepahalla Jehova?

Jos 24:​14, 15; Ps 101:​2-4

Sheba le De 5:29; Esa 48:​17, 18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 31:​1-11, 16-33—Jobo o bontshitse hore o tshepahalla Jehova ka ho tshwara batho ba bang ka mosa, ka tlhompho le ka ho qoba ka ho feletseng boitshwaro bo bobe. O ne a rapela Jehova feela eseng ditshwantsho mme o ne a nka setswalle sa hae le Modimo e le sa bohlokwa ho feta dintho tseo a neng a ena le tsona

    • Dan 1:​6-21—Daniele le metswalle ya hae e meraro ba ne ba mamela melao ya Jehova ho akarelletsa le molao o neng o thibela dijo tse itseng le hoja ba ne ba phela hara batho ba neng ba sa sebeletse Jehova

Haeba motho a ka etsa diphoso tse ngata na o ntse a ka tshepahalla Jehova?

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 9:​2-5; Ps 78:​70-72—Ka lebaka la hore Morena Davida o ile a bakela diphoso tseo a neng a di entse, Jehova o ile a mo tshwarela mme a nka Davida e le motho ya ileng a mo tshepahalla

    • Esa 1:​11-18—Le hoja Jehova a ile a re batho ba hae ba etsa dintho tse mpe ebile ba na le dibe tse ngata, o ile a tshepisa hore o tla ba hlwekisa ka ho feletseng haeba ba baka mme ba tlohela ho etsa dintho tse fosahetseng

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela