Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 86-90
  • Lenyalo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 86-90

Lenyalo

Ke mang ya entseng hore ho be le lenyalo?

Ge 1:​27, 28; 2:​22-24; Mat 19:​4-6

Mokreste o lokela ho kgetha motho ya jwang hore e be molekane wa hae?

Ke hobaneng ha motswadi wa Mokreste a ke ke a tshehetsa qeto ya mora kapa moradi wa hae ya kolobeditsweng ya ho nyalana le motho ya sa kolobetswang?

1Ko 7:39; 2Ko 6:​14, 15

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 24:​1-4, 7—Le hoja Abrahama a ne a se a tsofetse, o ile a etsa qeto ya ho batlela mora wa hae Isaka mosadi ho batho ba sebeletsang Jehova eseng ho Bakanana ba neng ba rapela medimo e meng

    • Ge 28:​1-4—Isaka o ile a laela mora wa hae Jakobo hore a batle mosadi ya sebeletsang Jehova eseng wa Mokanana

Jehova o ikutlwa jwang ka Dipaki tse nyalanang le batho ba sa mo sebeletseng?

De 7:​3, 4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Ma 11:​1-6, 9-11—Jehova o ile a halefela Morena Solomone hobane a ile a hana ho mo mamela, a nyala basadi ba baditjhaba a ba a ba dumella hore ba mo kgelose

    • Ne 13:​23-27—Letona Nehemia le yena o ile a halefela Baiseraele ba neng ba nyalane le batho ba dinaha tse ding ba neng ba sa sebeletse Jehova

Ke hobaneng ha o lokela ho kgetha molekane ya sebeletsang Jehova a bile a tsebahala e le motho ya hantle?

Pr 18:22; 31:​10, 28

Sheba le Ef 5:​28-31, 33

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 25:​2, 3, 14-17—Nabale e ne e le morui empa e ne e se monna ya lokileng hobane o ne a le bohale a bile a sotla mosadi wa hae Abigaile

    • Pr 21:9—Haeba o sa kgethe molekane ya o tshwanelang, o ke ke wa thaba ebile le ke ke la phedisana ka kgotso

    • Bar 7:2—Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore ha mosadi a nyalwa, o lokela ho hopola hore o tlameha ho mamela monna wa hae eo ka dinako tse ding a tla etsa diphoso. Ka lebaka leo, o lokela ho kgetha hantle hore na o nyalwa ke motho ya jwang

Ha o itokisetsa lenyalo

Ke hobaneng ha monna a lokela ho itlhahloba hore na a ka kgona ho hlokomela mosadi le bana pele a nyala?

1Ti 5:8

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Pr 24:27—Pele monna a nyala mme a ba le bana, o lokela ho sebetsa ka thata e le hore a tle a kgone ho hlokomela lelapa la hae

Ke hobaneng ha baratani ba lokela ho kopa dikeletso le ho tsebana hantle ho ena le ho sheba feela hore na motho eo a ratanang le yena o motle hakae?

Pr 13:10; 1Pe 3:​3-6

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ru 2:​4-7, 10-12—Boase o ne a tseba hore na Ruthe ke motho ya jwang hobane o ile a mo bona ha a ne a sebetsa ka thata le ha a ne a hlokomela Naomi. O ile a boela a utlwa dintho tse ntle tseo batho ba neng ba di bua ka yena le ka moo a neng a rata Jehova ka teng

    • Ru 2:​8, 9, 20—Ruthe le yena o ile a bona hore Boase ke motho ya mosa, ya fanang le ya ratang Jehova

Ke hobaneng ha Jehova a batla hore batho ba itshware hantle ha ba ntse ba ratana le ha ba se ba tshepisane ho nyalana?

Gal 5:19; Kol 3:5; 1Th 4:4

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Pr 5:​18, 19—Ho na le dintho tseo batho ba ratanang ba sa lokelang ho di etsa pele ba nyalana

    • Sef 1:2; 2:6—Ha morwetsana wa Moshulame le modisana ba ne ba ratana, ba ne ba buisana le ho bontshana lerato ka tsela e neng e ena le seriti

    • Sef 4:12; 8:​8-10—Morwetsana wa Moshulame o ile a dula a itshwere hantle hoo Bibele e reng o tshwana le serapa se kampetsweng

Ke hobaneng ha banyalani ba lokela ho ngodisa lenyalo la bona ka molao?

Mat 22:21; Bar 13:1; Tit 3:1

Boikarabelo ba monna ka lapeng

Ke boikarabelo bofe boo Jehova a bo fileng banna ka lapeng?

Ef 5:​23, 25, 28-31, 33

Ke mohlala wa mang oo monna wa Mokreste a lokelang ho o etsisa?

1Ko 11:3; Ef 5:23

Ke hobaneng ha monna wa Mokreste a lokela ho bontsha hore o rata mosadi wa hae le hore o utlwisisa tsela eo a ikutlwang ka yona?

Kol 3:19; 1Pe 3:7

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 21:​8-12—Ha Abrahama a ne a sa dumellane le seo mosadi wa hae Sara a neng a kopa hore a se etse, Jehova o ile a mo laela hore a mamele mosadi wa hae

    • Pr 31:​10, 11, 16, 28—Ditemana tsena di bontsha hore monna ya bohlale ha a laole mosadi wa hae ebile ha a dule a mo tshwaya diphoso empa o a mo tshepa le ho mo rorisa

    • Ef 5:33—Mantswe a moapostola Pauluse a bontsha hore mosadi o batla ho ikutlwa a ratwa ke monna wa hae

Mosadi a ka thusa lelapa la hae jwang?

Jehova o lebeletse hore basadi ba etseng?

Ge 2:18; Kol 3:18; Tit 2:​4, 5

Na Jehova o nka basadi e le batho ba bohlokwa?

Ge 1:​26-28, 31; 2:18

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Pr 1:8; 1Ko 7:4—Modimo o file basadi le bomme matla a itseng ka lapeng

    • 1Ko 11:3—Moapostola Pauluse o ile a re Jehova o entse hore batho bohle ba mo sebeletsang ba be le motho eo ba ikarabellang ho yena. Le ha ho le jwalo ka ha Modimo ke ya Phahameng ka ho Fetisisa yena ha ho na motho eo a ikarabellang ho yena

    • Heb 13:​7, 17—Ka phuthehong banna le basadi ba lokela ho hlompha le ho mamela batho ba kgethilweng hore ba ba etelle pele

Mosadi eo monna wa hae e seng Paki ya Jehova a ka etsang hore a thabise Jehova?

1Ko 7:​13-16; 1Pe 3:​1, 2

Ke hobaneng ha mosadi a lokela ho dula a hlompha monna wa hae?

Ef 5:33

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 18:12; 1Pe 3:​5, 6—Sara o ne a hlompha monna wa hae haholo a bile a mo bitsa “morena” le ha a nahana ka yena

Bibele e re ke mosadi ya jwang ya lokelang ho roriswa?

Pr 19:14; 31:​10, 13-31

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 24:​62-67—Rebeka o ile a tshedisa monna wa hae Isaka ka mora hore mme wa hae a hlokahale

    • 1Sa 25:​14-24, 32-38—Abigaile o ile a sireletsa monna wa hae ya se nang kelello le lelapa la hae ka ho kopa Davida hore a ba hauhele

    • Est 4:​6-17; 5:​1-8; 7:​1-6; 8:​3-6—Mofumahadi Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makgetlo a mabedi ka hore a ye ho morena a sa bitswa. O ne a yo kopa hore morena a sireletse batho ba Modimo

Banyalani ba ka rarolla mathata jwang?

Ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba rarolle mathata?

1Ko 13:​4-8; Ef 5:33; Kol 3:​12-14

Ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba sebedise tjhelete hantle?

Lu 12:15; Baf 4:5; 1Ti 6:​9, 10; Heb 13:5

Sheba le “Tjhelete”

Ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka thusang banyalani hore ba rarolle mathata a ka bang teng pakeng tsa bona le ba malapa a habo bona?

Ps 34:14; Mat 19:​5, 6; 1Ko 13:​4, 5

Ke dikeletso dife tsa Bibele tse ka thusang banyalani ditabeng tse amanang le thobalano?

Pr 5:​15-20; Mat 5:​27, 28; 1Ko 7:​3-5; 10:24; Baf 2:4; Heb 13:4

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore motho a shebe dintho tse ntle tseo molekane wa hae a di etsang ho ena le ho sheba diphoso tsa hae?

Ps 103:14; 130:​3, 4; Pr 17:9; 1Pe 4:8

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re rarolle diqabang kapele re ikokobeditse ho ena le hore re dule re kwatile?

Ps 37:8; Pr 14:29; Ef 4:​26, 27; Jak 1:​19, 20

Ke hobaneng ha Mokreste a sa lokela ho etsa lerata ha a halefile, ho bua dipuo tse hlabang le ho hlekefetsa molekane wa hae?

Ps 11:5; Gal 5:​19-21; Ef 4:​31, 32; Tit 3:2

Banyalani ba lokela ho ikemisetsa ho etsang haeba ba sa dumellane ka taba e itseng?

Ps 34:14; Mat 5:9; Bar 12:​17, 18, 21

Jehova o hlohonolofatsa banyalani jwang haeba ba mo mamela?

Moe 4:​9-12

Bibele e reng ka lenyalo?

Bibele e reng ka thobalano le lenyalo?

Pr 6:32; Mat 5:​27, 28; 1Ko 6:​9, 10; Heb 13:4

Na Bibele e dumella monna ho nyala basadi ba bangata?

Mat 19:​8, 9; 1Ko 7:2; 1Ti 3:​2, 12

Re tseba jwang hore ke monna le mosadi feela ba lokelang ho nyalana?

Ge 2:​18, 22, 24; Mat 19:​4-6; Bar 1:​23-27

Ke hobaneng ha banyalani ba sa lokela ho hlalana?

Mar 10:​6-9; Bar 7:​2, 3; 1Ko 7:​10, 11

Bibele e re ke lebaka lefe le ka etsang hore Mokreste a hlale molekane wa hae?

Mat 5:32; 19:9

Jehova o ikutlwa jwang ha banyalani ba hlalana ntle ho lebaka le utlwahalang?

Mal 2:​13-16

Ha molekane e mong a hlokahala, na ya ntseng a phela a ka nyala kapa a nyalwa hape?

Bar 7:​2, 3; 1Ko 7:39

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela