Ho ba le Tumelo e Matla
Ke hobaneng ha Mokreste e mong le e mong a lokela ho ba le tumelo e matla?
Ho tseba Bibele ho re thusa jwang hore re matlafatse tumelo ya rona?
Na batho ba baholo ke bona feela ba ka kgonang ho matlafatsa tumelo ya bona?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dan 1:6-20—Le hoja Daniele le metswalle ya hae e meraro e ne e le batjha, ba ne ba ena le tumelo e matla ebile ba tshepahalla Modimo
Dik 16:1-5—Ha Timothea a ne a le dilemo di 20 kapa ka tlase, o ile a fuwa mosebetsi wa bohlokwa ka phuthehong
Ho tlwaelana le batho ba ratang Jehova ka phuthehong ho ka re thusa jwang?
Ke eng e tla bontsha hore re Bakreste ba nang le tumelo e matla?
Ke hobaneng ha morabo rona ya nang le tumelo e matla a lokela ho ikemisetsa ho amohela mesebetsi e eketsehileng ka phuthehong?
Ke eng e ka re thusang hore re ntlafatse tsela eo re bolelang le ho ruta ditaba tse monate ka yona?
Lu 21:14, 15; 1Ko 2:6, 10-13
Sheba le Lu 11:13
Mohlala wa Bibele o ka o thusang:
Mat 10:19, 20—Jesu o ile a tshepisa balatedi ba hae hore moya o halalelang o ne o tla ba thusa hore ba ipuelle ha ba iswa makgotleng ka lebaka la tumelo ya bona