Bolella Batho Ditaba Tse Monate
Ke hobaneng ha Bakreste ba nnete ba bolella batho ba bang dintho tseo ba di dumelang?
Ke eng e bontshang hore Jesu o ne a nka mosebetsi wa ho bolella batho ditaba tse monate e le wa bohlokwa?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Lu 4:42-44—Jesu o ile a re o rometswe lefatsheng ho tla bolella batho ditaba tse monate
Joh 4:31-34—Jesu o ile a re mosebetsi wa ho bolella batho ditaba tse monate o jwalo ka dijo ho yena
Na banna ba etellang pele ka phuthehong ke bona feela ba lokelang ho bolella batho ba bang ditaba tse monate?
Ps 68:11; 148:12, 13; Dik 2:17, 18
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
2Ma 5:1-4, 13, 14, 17—Ngwanana wa Moiseraele o ile a bolella mosadi wa Naamane ka Elisha moprofeta wa Jehova
Mat 21:15, 16—Jesu o ile a kgalemela baprista ba baholo le bangodi ha ba ne ba hanela bashanyana ho mo rorisa tempeleng
Bara ba bo rona ba etellang pele ba ka thusa ba bang jwang ka phuthehong hore ba bolele le ho ruta ditaba tse monate?
Jehova le Jesu ba re thusa jwang hore re kgone ho bolella batho ditaba tse monate?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Dik 16:12, 22-24; 1Th 2:1, 2—Le hoja moapostola Pauluse le metswalle ya hae ba ne ba hloriswa, Jehova o ile a ba fa sebete sa ho tswela pele ba bolela ditaba tse monate
2Ko 12:7-9—Le hoja moapostola Pauluse a ne a ena le “moutlwa nameng” oo ho ka etsahalang hore ebe e ne e le ho kula, Jehova o ile a mo fa matla a hore a nne a tswele pele ho bolela ditaba tse monate
Ke mang ya thusang Bakreste hore ba tshwanelehe ho bolela ditaba tse monate?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Re tseba jwang hore Jehova o batla hore re kwetlise ba bang hore ba kgone ho bolela le ho ruta ditaba tse monate?
Mar 1:17; Lu 8:1; Ef 4:11, 12
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Esa 50:4, 5—Pele Mesia a tla lefatsheng, Jehova Modimo o ile a mo kwetlisa
Mat 10:5-7—Ha Jesu a ntse a le lefatsheng, o ile a kwetlisa barutuwa ba hae hore ba bolele ditaba tse monate
Re lokela ho ikutlwa jwang ka mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate?
Re ikutlwa jwang ha re etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate?
Ke ditaba dife tse monate tseo re di bolellang batho?
Ke hobaneng ha re hlokomedisa batho dithuto tsa bohata tseo ba di rutwang?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Mar 12:18-27—Jesu o ile a bontsha ka Mangolo hore Basaduse ba fositse ha ba re ha ho na tsoho ya bafu
Dik 17:16, 17, 29, 30—Moapostola Pauluse o ile a bontsha Baathene hore ho rapela ditshwantsho ho fosahetse
Re etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate jwang?
Ke hobaneng ha re bua le batho ka ditaba tse monate dibakeng tsa setjhaba?
Joh 18:20; Dik 16:13; 17:17; 18:4
Sheba le Pr 1:20, 21
Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re etsa mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate?
Mosebetsi wa ho bolela ditaba tse monate o thusa batho ba bang jwang?
Ke hobaneng ha re lokela ho ikemisetsa ho bua le batho ka ditaba tse monate ha monyetla o hlaha?
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Joh 4:6, 7, 13, 14—Le hoja Jesu a ne a kgathetse, o ile a bolella mosadi wa Mosamaria ditaba tse monate sedibeng
Baf 1:12-14—Moapostola Pauluse o ile a bua le batho ba bang ka ditaba tse monate a ba a ba kgothatsa le hoja a ne a kwaletswe teronkong
Na ke batho bohle ba tla re mamela ha re ba bolella ditaba tse monate?
Joh 10:25, 26; 15:18-20; Dik 28:23-28
Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:
Jer 7:23-26—Jehova o ile a sebedisa Jeremia ho hlalosa hore setjhaba sa hae se hanne ho mamela baprofeta ba hae ka makgetlo
Mat 13:10-16—Jesu o ile a re batho ba ne ba tla hana ho mamela ditaba tse monate jwalo ka mehleng ya Esaia
Ke hobaneng ha re sa makale ha re bona batho ba se na nako ya ho mamela molaetsa wa rona?
Re tseba jwang hore batho ba bang ba tla amohela molaetsa wa rona qalong empa ha morao ba kgaotse ho dumela molaetsa oo?
Ke mehlala efe ya Bibele e bontshang hore ha re a lokela ho makala ha batho ba re thibela ho bolela ditaba tse monate?
Re lokela ho etsang ha batho ba re thibela ho bolela ditaba tse monate?
Re tseba jwang hore batho ba bang ba tla re mamela ha re bua le bona ka ditaba tse monate?
Jehova o lebeletse hore batho ba tsebang ditaba tse monate ba etseng?
Dik 20:26, 27; 1Ko 9:16, 17; 1Ti 4:16
Sheba le Eze 33:8
Ke hobaneng ha re lokela ho bolela ditaba tse monate ho batho ba madumedi ohle, ba merabe yohle le ba dinaha tse fapaneng?
Mat 24:14; Dik 10:34, 35; Tshe 14:6
Sheba le Ps 49:1, 2