Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 60-61
  • Ho Loka

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ho Loka
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 60-61

Ho Loka

Ke mang ya nang le tokelo ya ho re bolella hore na ke dintho dife tse nepahetseng kapa tse fosahetseng?

De 32:4; Eze 33:​17-20

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 18:​23-33—Jehova o ile a bontsha Abrahama hore ke Moahlodi ya lokileng

    • Ps 72:​1-4, 12-14—Pesaleme ena e rorisa Morena Jesu ya etsang dintho ka toka jwalo ka Jehova

Re fumana melemo efe ha re mamela melao ya Jehova?

Ps 37:​25, 29; Jak 5:16; 1Pe 3:12

Sheba le Ps 35:24; Esa 26:9; Bar 1:17

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Job 37:​22-24—Elihu o ile a rorisa Jehova hobane e le Modimo ya nang le toka le eo boholo ba hae bo etsang hore bahlanka ba hae ba mo hlomphe

    • Ps 89:​13-17—Mopesaleme o ile a rorisa Jehova hobane e le Modimo ya busang ka toka

Re lokela ho etsang ho bontsha hore re mamela Modimo?

Eze 18:​25-31; Mat 6:33; Bar 12:​1, 2; Ef 4:​23, 24

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 6:​9, 22; 7:1—Noe o ile a bontsha hore ke motho ya lokileng ha a ne a etsa dintho tsohle tseo Jehova a mo laetseng tsona

    • Bar 4:​1-3, 9—Jehova o ne a nka Abrahama e le motho ya lokileng hobane o ne a ena le tumelo e matla

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re itshware hantle hobane re rata Jehova eseng hobane re batla ho kgahlisa batho?

Mat 6:1; 23:​27, 28; Lu 16:​14, 15; Bar 10:10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 5:20; 15:​7-9—Jesu o ile a bolella batho hore ba se ke ba etsa dintho tseo bangodi le Bafarisi ba reng di lokile hobane ke baikaketsi

    • Lu 18:​9-14—Jesu o ile a etsa papiso ha a ne a kgalemela batho ba neng ba nka hore ba lokile ho feta batho ba bang

Ke hobaneng ha motho ya etsetsang batho ba bang dintho tse molemo e le wa bohlokwa ho feta motho ya lokileng?

Bar 5:​7, 8

Sheba le Lu 6:​33-36; Dik 14:​16, 17; Bar 12:​20, 21; 1Th 5:15

Ke hobaneng ha re sa lokela ho etsa eka re lokile ho feta batho ba bang?

Moe 7:16; Esa 65:5; Bar 10:3; 14:10

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela