Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • scl maq. 111-113
  • Mosebetsi

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi
  • Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
Ditemana Tsa Bibele Tse Thusang Bakreste
scl maq. 111-113

Mosebetsi

Ke hobaneng ha re ka re ho sebetsa ho a re thabisa?

Moe 2:24; 3:​13, 22; Esa 65:22

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o tsebe mosebetsi wa hao hantle?

Pr 22:29

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • 1Sa 16:​16-23—Davida o ne a sebedisa talenta ya hae ya ho letsa harepa ho thoba maikutlo a morena wa Iseraele

    • 2Kr 2:​13, 14—Morena Solomone o ile a sebedisa Hirame-abi hobane o ne a tseba mosebetsi wa matsoho hantle

Bahlanka ba Jehova ba batla ho tsejwa e le basebetsi ba jwang?

Ef 4:28; Kol 3:23

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 24:​10-21—Rebeka e ne e le motho ya sebetsang ka thata a bile a rata ho thusa batho mme o ile a bontsha seo nakong eo a neng a thusa mohlanka wa Abrahama

    • Baf 2:​19-23—Moapostola Pauluse o ile a fa Timothea mosebetsi wa bohlokwa hobane o ne a ikokobeditse a bile a sebetsa ka thata

Ke hobaneng ha re sa lokela ho ba botswa?

Pr 13:4; 18:9; 21:​25, 26; Moe 10:18

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • Pr 6:​6-11—Morena Solomone o ile a etsa mohlala ka bohlwa ho re ruta hore re lokela ho sebetsa ka thata le hore re se ke ra ba botswa

Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata hore re itlhokomele?

2Th 3:​10-12; 1Ti 5:18

Ke hobaneng ha re lokela ho sebetsa ka thata ho hlokomela ba malapa a rona?

1Ti 5:8

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ru 1:​16, 17; 2:​2, 3, 6, 7, 17, 18—Ruthe o ne a sebetsa ka thata ho hlokomela matsale wa hae Naomi

    • Mat 15:​4-9—Jesu o ile a kgalemela batho ba neng ba sa hlokomele batswadi ba bona hobane ba re ba sebeletsa Modimo

Ke hobaneng ha Bakreste ba lokela ho arolela ba bang dintho tseo ba di sebeleditseng ka thata?

Bar 12:13; 2Ko 8:​1-4; 9:​5, 7, 11; 1Ti 6:​17, 18

Re lokela ho ba le boikutlo bofe ka tjhelete eo re e kgolang?

Pr 30:8; 2Th 3:12; 1Ti 6:​6-10; Heb 13:5

Ke eng e re kgodisang hore Jehova o tla re thusa hore re fumane dintho tseo re di hlokang haeba re sebetsa ka thata?

Mat 6:​25, 30-32; Lu 11:​2, 3; 2Ko 9:10

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Ge 31:​3-13—Labane o ile a sebetsa Jakobo hampe empa Jehova o ile a hlohonolofatsa Jakobo hobane o ne a sebetsa ka thata

    • Ge 39:​1-6, 20-23—Jehova o ile a hlohonolofatsa Josefa hobane o ile a sebetsa ka thata e le lekgoba ntlong ya Potifaro le ha a le teronkong

Ke hobaneng ha borapedi ba rona e lokela ho ba ba bohlokwa ho feta mosebetsi?

Ps 39:​5-7; Mat 6:33; Joh 6:27

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Lu 12:​15-21—Jesu o ile a etsa papiso e bontshang hore ho sebeletsa Jehova ho bohlokwa ho feta ho ba le tjhelete e ngata

    • 1Ti 6:​17-19—Moapostola Pauluse o ile a re Bakreste ba ruileng ba se ke ba ikgohomosa empa “ba etse dintho tse ngata tse ntle”

Ke keletso efe ya Bibele e ka re thusang hore na re kgethe mosebetsi ofe?

  • Ex 20:4; Dik 15:29; Ef 4:28; Tshe 21:8—Na mosebetsi oo ke o kgethang o tla etsa hore ke tlole melao ya Modimo?

  • Ex 21:​22-24; Esa 2:4; 1Ko 6:​9, 10; 2Ko 7:1—Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke tshehetse dintho tseo Modimo a sa di batleng le ho kgothalletsa batho hore ba di etse?

  • Bar 13:​1-7; Tit 3:​1, 2—Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke tlole melao ya naha?

  • 2Ko 6:​14-16; Tshe 18:​2, 4—Na mosebetsi oo o tla etsa hore ke tshehetse bodumedi ba bohata ?

Ho Sebeletsa Jehova

Ke mosebetsi ofe wa bohlokwa oo Bakreste ba o etsang?

Mat 28:​19, 20; Lu 9:2; 2Ti 4:​2, 5

Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re sebetse ka thata ha re sebeletsa Jehova?

Lu 13:24; Bar 12:11; 1Ko 15:58; Heb 6:​10-12

Sheba le 1Ti 3:1

Ke hobaneng ha re sa lokela ho ipapisa le ba bang ha re sebeletsa Jehova?

Gal 6:​3-5

  • Mehlala ya batho ba ka Bibeleng e ka o thusang:

    • Mat 25:​14, 15—Papiso ya Jesu e ya bontsha hore ha a lebella hore balatedi ba hae ba etse mosebetsi o lekanang

    • Lu 21:​2-4—Jesu o ile a bontsha hore o nka monehelo wa mosadi wa mohlolohadi e le wa bohlokwa le hoja o ne o le monyenyane

Ke mang ya re fang matla a hore re sebeletse Jehova?

2Ko 4:7; Ef 3:​20, 21; Baf 4:13

  • Mohlala wa Bibele o ka o thusang:

    • 2Ti 4:17—Moapostola Pauluse o ile a fuwa matla nakong eo a neng a a hloka

Ho sebeletsa Jehova ho etsa hore re ikutlwe jwang?

Ps 40:8; Joh 13:17; Jak 1:25

Sheba le Mat 25:23

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela