Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w17 January leq. 32
  • Re o Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Re o Lome Tsebe?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Abrahama o ne a Ena le Tumelo e Matla
    Ithute Dipaleng Tsa Bibele
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 January leq. 32
Isaka o tshwere patsi mme Abrahama o tshwere pitsa e nang le mashala a tjhesang

Re o Lome Tsebe?

Mollo o ne o tsamaiswa jwang mehleng ya boholoholo?

TLALEHO ya Bibele e ho Genese 22:6 e re ha Abrahama a ne a lokisetsa ho ya sebakeng se hole hore a ilo etsa sehlabelo, o ile a “a nka patsi ya nyehelo ya setjheso a e jarisa mora wa hae Isaka mme yena matsohong a hae a nka mollo le thipa e selakgang, yaba ka bobedi ba tsamaya hammoho.”

Mangolo ha a bolele letho ka mekgwa ya ho besa mollo e neng e sebediswa mehleng eo. Ha mohlalosi e mong a bua ka tlaleho ena ya Bibele, o re ho ke ke ha etsahala hore ebe Abrahama le Isaka ba ne ba tsamaya ‘ka mollo o neng o se o ntse o tuka ebe ba fihla moo ba yang o so time.’ Kahoo, ho ka etsahala hore se hlaloswang mona e ne e le dintho tse neng di sebediswa bakeng sa ho etsa mollo.

Leha ho le jwalo, ba bang ba re ho ne ho se bonolo ho hotetsa mollo mehleng eo ya boholoholo. Ho ne ho le bonolo hore batho ba kope mashala a hlenneng ho baahelani ba bona, ho e na le ho iqalla mollo. Kahoo ditsebi tse ngata di dumela hore Abrahama o ne a tsamaya ka pitsa​—mohlomong e leketlileng ketaneng⁠—e neng e tletse mashala a hlenneng, a tswang mollong oo ba neng ba o besitse bosiung bo fetileng. (Esa. 30:14) Ho ne ho ka sebediswa patsi e ommeng ho hotetsa mashala ao a hlenneng haeba motho a ne a hloka ho besa mollo leetong le le lelele.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela