Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • w17 October leq. 32
  • Re o Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Re o Lome Tsebe?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Dipotso Tse Tswang ho Babadi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2022
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
w17 October leq. 32

Re o Lome Tsebe?

Ke hobaneng ha Jesu a ile a re balatedi ba hae ba se ke ba hlapanya?

Monna o a ikana tempeleng

HO LATELA molao oo Modimo a ileng a o fa Baiseraele a sebedisa Moshe, ho na le dinako tseo Bajuda ba neng ba lokela ho hlapanya kapa ho ikana ka tsona. Empa mehleng ya Jesu, Bajuda ba ne ba se ba hlapanya bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e buang. Motho o ne a hlapanya ka morero wa ho bontsha ba bang hore o bua nnete. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a kgalemela balatedi ba hae habedi ka mokgwa ona. O ile a re ho bona: “Lentswe la lona E le mpe le bolele E, Tjhe ya lona, [e bolele] Tjhe.”​—Mat. 5:33-37; 23:16-22.

Buka ya Theological Dictionary of the New Testament, e re Bajuda ba ne ba bile ba na le letoto le ngotsweng la dintho tseo motho a neng a tlamehile ho di phetha haeba a di hlapanyeditse, le tseo ho neng ho se bohlokwa hore a di phethe.

E ne e se Jesu feela ya neng a sa rate tlwaelo ena ya Bajuda. Ka mohlala, rahistori wa Mojuda ya bitswang Flavius Josephus o ile a bua ka sehlopha se seng sa Bajuda se neng se hloile mokgwa ona wa ho hlapanya. Sehlopha seo se ne se nka ho hlapanya ho le hobe ho feta ho bua leshano. Josephus o re ka sehlopha seo: “Ba ne ba dumela hore haeba motho a hloka ho hlapanya e le hore batho ba mo kgolwe, ho hlakile hore ke raleshano.” E nngwe ya dibuka tsa Bajuda tseo ho sa tsejweng mohlodi wa tsona e bitswang The Wisdom of Sirach kapa Ecclesiasticus, e re (ho kgaolo ya 23:11): “Motho ya ratang ho hlapanya ke motlodi wa molao ya fetelletseng.” Ha ho makatse hore ebe le Jesu o ile a kgalemela balatedi ba hae hore ba se hlapanye bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe eo ba e buang. Haeba re tlwaetse ho bua nnete ka dinako tsohle, ha re hloke ho hlapanya e le hore feela batho kgolwe seo re se buang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela