MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | ESAIA 34-37
Ezekiase o Ile a Putswa ka Lebaka la Tumelo ya Hae
Morena Sankeribe wa Assyria o ile a romela Rabshake Jerusalema hore a bolelle batho ba motse oo hore ba inehele. Baassyria ba ile ba leka ka ditsela tse ngata ho etsa hore Bajuda ba inehele ba sa lwana.
Ho ikgetholla. Baegepeta ba ke ke ba kgona ho le thusa.—Esa 36:6
Ho belaela. Jehova a ke ke a le lwanela hobane le mo kwatisitse.—Esa 36:7, 10
Ho tshoswa. Le ke ke la hlola Baassyria hobane ba matla. —Esa 36:8, 9
Ho ba leka. Ha le ka inehela ho Baassyria bophelo ba lona bo tla ntlafala.—Esa 36:16, 17
Ezekiase o ile a bontsha tumelo e matla ho Jehova
O ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho thusa motse nakong eo o neng o tla thibellwa
O ile a rapela Jehova hore a ba pholose a ba a kgothalletsa le batho ho etsa se tshwanang
Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka ho romella lengeloi le ileng la bolaya masole a Assyria a 185 000 ka bosiu bo le bong