Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb17 April leq. 2
  • Ba Amohele ka Mofuthu

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ba Amohele ka Mofuthu
  • Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • O ka Etsang Hore o Thabele ho Kopanela Phuthehong e Ntjha?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Diboka Tsa Dipaki Tsa Jehova di ka o Tswela Molemo Jwang?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Amohelanang
    Binelang Jehova le Thabile
  • Amohelanang
    Binelang Jehova
Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
mwb17 April leq. 2

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ba Amohele ka Mofuthu

Ke bo mang ba amohelwang ka mofuthu? Mang kapa mang ya tlang dibokeng tsa rona tsa Bokreste, ho tloha ho ba qalang ho tla dibokeng le bao e leng kgale ba sa tle dibokeng. (Bar 15:7; Heb 13:2) E ka nna ya eba Paki mmoho le rona ya etileng ya tswang naheng e nngwe kapa Mokreste eo e leng kgale a sa tle dibokeng le tshimong. O ne o ka ikutlwa jwang ha o ne o le boemong boo? Na o ne o ke ke wa thabela ho dumediswa ka tsela e mofuthu? (Mat 7:12) Kahoo, etsa boiteko ba ho dumedisa ba bang pele le ka mora seboka. Ha re etsa jwalo, diboka e tla ba sebaka seo motho a ka thabelang ho ba ho sona mme sena se tlotlisa Jehova. (Mat 5:16) Ho ka etsahala hore o se ke wa kgona ho kopana le bohle ba leng teng. Ho sa tsotellehe seo, kaofela ha rona re tla ikutlwa re amohelehile ha feela re phetha karolo ya rona.a

Kamohelo ya baeti ha e bontshwe feela ka diketsahalo tse ikgethang tse kang Sehopotso empa ka dinako tsohle. Ha ba qalang ho tla dibokeng ba bontshwa lerato la Bokreste, ba ka susumelletseha ho rorisa Jehova le ho ba karolo ya borapedi bo hlwekileng.—Joh 13:35.

a Melaomotheo ya Bibele e re thibela ho dumedisa batho ba kgaotsweng le ba ikarotseng ka phuthehong.—1Ko 5:11; 2Jo 10.

Morabo rona o amohela batho ba qalang ho tla Holong ya Mmuso

DITHLAHISO TSA KAMOO RE KA THUSANG BA QALANG HO TLA DIBOKENG KATENG

  • Itsebise ebe o mo botsa lebitso la hae

  • Mo kope hore a dule pela hao

  • Sheba le yena Bibeleng ya hao le bukeng ya hao ya dipina

  • Iphe nako ya ho araba dipotso tsa hae ka mora diboka

  • Kopa ho ithuta Bibele le yena ha ho kgoneha

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela