MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JEREMIA 51-52
Lentswe la Jehova le Phethahala Feela Jwalo ka ha a le Buile
Jehova o ile a bolela ka ho hlaka dintho tse neng di tla etsahala
Molebedi wa ntlo ya borena ya Persia
Leotsang marumo”
Bamede le Bapersia ba ne ba ipabola ka ho lwana ka diqha mme ba di sebedisa e le dibetsa tsa bona tse ka sehloohong. Ba ne ba leotsa marumo a bona e le hore a be bohale ha ba hlaba motho
“Banna ba matla ba Babylona ba kgaoditse ho lwana”
Tlaleho ya Nabonidus e re: “Lebotho la Cyruse le ile la kena Babylona le sa lwane.” Sena se dumellana hantle le boprofeta ba Jeremia
Tlaleho ya Nabonidus
“Babylona e tla fetoha diqubu tsa majwe e be lesupi ho isa nakong e sa lekanyetswang”
Qalong ya selemo sa 539 pele ho mehla ya Kreste, Babylona e ile ya qala ho fellwa ke matla. Alexandere e Moholo o ne a ikemiseditse ho etsa Babylona motsemoholo wa hae empa o ile a shwa ka tshohanyetso. Qalong ya Bokreste, Bajuda ba ne ba ntse ba dula sebakeng seo mme sena se ile sa fa moapostola Petrose monyetla wa ho ba etela. Dilemong tsa bo400 motse oo e ne e se e le dithako mme hamorao ho ne ho se ho se na letho le phelang moo