PHELA JWALO KA MOKRESTE
Eba le Mekgwa e Metle ha o le Tshimong
Bakreste ke “sebonwang ka lebaleng la diketsahalo ho lefatshe.” (1Ko 4:9) Kahoo, ha ho a lokela ho re makatsa ha beng ba bang ba matlo ba re sheba ka difenstere kapa ba mamela hore na re ntse re reng ha ba eme ka mora mamati. Matlo a mang a na le dikhamera le di Intercom tse ba dumellang ho re bona le ho re mamela. Dintho tse latelang di ka re thusa hore re bontshe mekgwa e metle ha re le tshimong.—2Ko 6:3.
BOITSHWARO BA HAO (Fil 1:27):
Hlompha beng ba matlo ka hore o se ke wa nna wa hlodisa ka tlung. O se ke wa ja, wa nwa, wa founa kapa wa ngolla ba bang melaetsa ha o eme monyako
SEO O SE BUANG (Ef 4:29):
Ha o ntse o kokota, o se ke wa bua dintho tseo monga ntlo a se nang ho thabela ho di utlwa. Bahweletsi ba bang ba kgaotsa ho qoqa e le hore ba itokisetse ho tla bua le monga ntlo ha a bula monyako