LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb17 December leq. 5
  • Karolo e Ntjha Sebokeng sa Hara Beke

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Karolo e Ntjha Sebokeng sa Hara Beke
  • Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
  • Dintlha tse Ding
  • A7-G Dintho Tse Etsahetseng Bophelong ba Jesu ha a le Lefatsheng—Tshebeletso ya Jesu ha a le Jerusalema Pele a Shwa (Karolo ya 1)
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • Jehova o Nka Lentswe “Amen” e le la Bohlokwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Bophelo le Tshebeletso ya Rona—Bukana ya Seboka—2017
mwb17 December leq. 5
Kosepele ya Matheu ho online study edition ya New World Translation

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Karolo e Ntjha Sebokeng sa Hara Beke

Ho tloha ka January 2018, diboka tsa hara beke di tla akarelletsa karolo e ntjha e nang le media le study notes tse hlahang ho online study edition of the New World Translation of the Holy Scriptures (nwtsty), le haeba study edition e so ka e fumaneha ka puo ya heno. Ha ho pelaelo hore boitsebiso bona bo tla re tswela molemo ha re lokisetsa seboka. Ha bohlokwa le ho feta, e se e ka e ka o atametsa haufiufi le Ntate wa rona ya lerato, Jehova!

STUDY NOTES

Study notes e fana ka dintlha tse eketsehileng ka ditemana tse ngata tse ka Bibeleng, tse ka reng setso, naha le tsebo e eketsehileng ka dipuo.

Matheu 12:20

Kgwele ya lebone: Mehleng ya kgale, ho ne ho tlwaelehile ho sebedisa lebone la ka tlung la letsopa le tletseng oli ya mohlware. Kgwele e ne e sebedisa oli e ka leboneng hore ho be le lelakabe. Polelo ya Segerike e leng “kgwele ya lebone” e ka bolela kgwele e fanang ka mosi ho bontsha hore lelakabe le tlo tima. Boprofeta bo hlahang lengolong la Esaia 42:3 bo ile ba bolela esale pele ka kutlwelo bohloko ya Jesu, le hore o ne a ke ke a tima tlhase e setseng ya tshepo ho batho ba ikokobeditseng le ba hatelletsweng.

Matheu 26:13

Kannete: Polelo a·menʹ ka Segerike le ka Seheberu e bolela “ha ho be jwalo,” kapa “ka sebele.” Jesu o sebedisa lentswe lena kgafetsa ho netefatsa tlaleho, boprofeta kapa tshepiso, e le ha a totobatsa bonnete ba taba eo a e buang. Ho sebedisa ha Jesu lentswe le reng “kannete,” kapa amen, ka tsela ena ho hlaloswa e le ketso e ikgethileng ka dibukeng tse halalelang. Ha (a·menʹ a·menʹ) ena e sebediswa kgafetsa ka tatellano jwalo ka ha ho etsahala Kosepeleng ya Johanne, polelo ena ya Jesu e fetolelwa e le “kannete nete.”—Joh 1:51.

MEDIA

Ho tlo hlaha dinepe, ditshwantsho, divideo tse sa ntsheng modumo le ditshwantsho tsa dipopaye tse hlalosang dintlha tse ka Bibeleng.

Bethefage, Thaba ya Mehlware le Jerusalema

Video ena e kgutshwane e bontsha tsela e yang Jerusalema e hlaha ka botjhabela mme e leba ho e nngwe ya ditlhoro tsa Thaba ya Mehlware. Motse oo kajeno o bitswa et-Tur, eo ba bang ba reng ke Bethefage e hlahang ka Bibeleng. Bethani e ka botjhabela ho Bethefage mosikong wa Thaba ya Mehlware. Ha Jesu le barutuwa ba hae ba ne ba le Jerusalema, ka tlwaelo ba ne ba qeta bosiu ba le Bethani, eo kajeno e tsejwang e le toropo ya el-ʽAzariyeh, lebitso la Searabia le bolelang “Sebaka sa Lazaro.” Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a dula lelapeng la Maretha, Maria le Lazaro. (Mat 21:17; Mar 11:11; Lu 21:37; Joh 11:1) Ha a ne a tsamaya ho tloha hae ho ya Jerusalema, e ka nna yaba Jesu o ile a tsamaya ka tsela e tshwanang le e hlahileng videong ena. Ka la 9 Nisane, 33 C.E., ha Jesu a ne a palame esele hodima Thaba ya Mehlware ho ya Jerusalema, e tlameha e be o ile a etsa jwalo ho tloha Bethefage, a sebedisa tsela ya Jerusalema.

Ho ka etsahala hore Jesu o ile a tsamaya ka tsela e tlohang Bethani ho ya Jerusalema
  1. Tsela e tlohang Bethani e yang Bethefage

  2. Bethefage

  3. Thaba ya Mehlware

  4. Phula ya Kidron

  5. Thaba ya Tempele

Sepekere Lesapong la Serethe

Serethe sa motho se phuntsweng ka sepekere

Ke setshwantsho sa serethe sa motho se phuntsweng ka sepekere sa tshepe se botelele ba senthimithara tse 11.5. Serethe sena sa maiketsetso se ile sa fumanwa ka 1968, nakong eo ho epollwang dintho tsa kgale leboya ho Jerusalema, mme ke sa nakong ya Baroma. Se fana ka bopaki ba dintho tsa kgale tse epollotsweng ba hore e ka nna yaba ho ne ho sebediswa dipekere ha batho ba ne ba fuwa kahlolo ya ho kokotelwa thupeng e entsweng ka lepolanka. Sepekere sena se tshwana le se ileng sa sebediswa ke masole a Roma ha a ne a kokotela Jesu Kreste thupeng. Serethe sena se iketseditsweng se fumanwe ka hara lebokose le entsweng ka lejwe lebitswang ossuary, ka hara masapo a motho ya shweleng ka mora hore nama ya hae e bole. Sena se ne se bontsha hore motho ya bolaetsweng thupeng ya lepolanka a ka patuwa.—Mat 27:35.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share