PHELA JWALO KA MOKRESTE
Lerato le Kgetholla Bakreste ba Nnete—Qobang Boithati le Kgalefo
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Jesu o ile a ruta hore lerato ke lona le neng le tla kgetholla barutuwa ba hae. (Joh 13:34, 35) E le hore re bontshe lerato le tshwanang le la Kreste, re lokela ho etelletsa dithahasello tsa ba bang pele ho tsa rona mme re qobe ho halefa.—1Ko 13:5.
KAMOO O KA HO ETSANG KATENG:
Ha motho a etsa kapa a bua ntho e o utlwisang bohloko, ema hanyane mme o nahane hore na e ka ba keng e bakileng bothata le hore na ho ka etsahalang ha o ka halefa.—Lipr 19:11
Hopola hore kaofela ha rona ha re a phethahala mme ka dinako tse ding re bua dintho tseo re ikwahlaelang tsona
Lokisa bothata kapele
SHEBELLANG VIDEO E RENG “EBANG LE LERATO HARA LONA”—QOBANG BOITHATI LE KGALEFO, EBE LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:
Morabo rona Mohau o ile a itshwara jwang ha a utlwa tlhahiso ya morabo rona Teboho?
Hore e be morabo rona Teboho o ile a ema hanyane pele a araba, ho ile ha mo thusa jwang ho qoba kgalefo?
Karabo e bonolo ya morabo rona Teboho e ile ya nolofatsa boemo jwang?
Phutheho e rua molemo jwang ha re dula re kgobile matshwafo ha re halefiswa?