12-18 November
LIKETSO 1-3
Pina ya 104 le Thapelo
Seo re Tlo Ithuta Sona (3 mets. kapa ka tlase ho moo)
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG
“Phutheho ya Bokreste e Fumana Moya o Halalelang”: (10 mets.)
[Bapala video ya Seo re ka Ithutang Sona Lengolong la Liketso.]
Lik 2:1-8, 14, 37, 38, 41—Ka mora hore barutuwa ba Jesu ba fumane moya o halalelang, ba ile ba bolela ditaba tse molemo hoo ho ileng ha kolobetswa batho ba ka bang 3 000
Lik 2:42-47—Barutuwa ba Jesu ba ile ba bontsha kamohelo ya baeti ho batho ba neng ba sa tswa kolobetswa mme sena se ile sa etsa hore ba kgone ho dula nakwana Jerusalema e le hore ba ka matlafatswa tumelong (w86 12/1 29 ¶4-5, 7)
Batlisisa Matlotlo a Patilweng: (8 mets.)
Lik 3:15—Ke hobaneng ha Jesu a bitswa “Moemedi ya ka Sehloohong wa bophelo”? (it-2 61 ¶1)
Lik 3:19—Ho ya ka temana ee, ke ka tsela efe Jehova a tshwarelang baetsadibe ba bakileng? (cl 265 ¶14)
O ithutileng ka Jehova mmalong wa Bibele wa bekeng ee?
O fumane matlotlo kapa dintlha dife tse ding mmalong wa Bibele wa bekeng ee?
Mmalo wa Bibele: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Lik 2:1-21
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlase ho moo) Sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho.
Video ya Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video le be le buisane ka yona.
Puo: (6 mets. kapa ka tlase ho moo) it-1 129 ¶2-3 —Sehlooho: Ke Hobaneng ha Judase a ile a Nkelwa Sebaka Empa Baapostola ba ileng ba Shwa ba Tshepahala ba sa ka ba Nkelwa Sebaka?
PHELA JWALO KA MOKRESTE
“Tshebedisanommoho Tshimong e Buang Dipuo Tse Ngata”: (15 mets.) Puisano ka molebedi wa tshebeletso. Bapala video le be le buisane ka yona. Haeba phutheho ya lona e sebetsa tshimo e nang le dipuo tse ngata, bua ka ditlhophiso tse entsweng bakeng sa ho sebetsa tshimo e jwalo.
Thuto ya Bibele ya Phutheho: (30 mets.) lv kgao. 16 ¶1-8
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona Mme o Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ya 68 le Thapelo