19-25 November
LIKETSO 4-5
Pina ya 73 le Thapelo
Seo re Tlo Ithuta Sona (3 mets. kapa ka tlase ho moo)
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG
“Ba ne ba Bolela Lentswe la Modimo ka Sebete”: (10 mets.)
Lik 4:5-13—Le hoja Petrose le Johanne e ne e le batho “ba sa rutehang le ba tlwaelehileng,” ba ile ba emela tumelo ya bona ho babusi le bangodi (w08 9/1 15, lebokose; w08 5/15 30 ¶6)
Lik 4:18-20—Petrose le Johanne ha ba a ka ba kgaotsa ho bolela le hoja ba ne ba tshosetswa
Lik 4:23-31—Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ne ba itshetlehile ka moya o halalelang wa Jehova hore ba be sebete (it-1 128 ¶3)
Batlisisa Matlotlo a Patilweng: (8 mets.)
Lik 4:11—Ke jwang Jesu e leng “lejwe la sekgutlo le ka sehloohong”? (it-1 514 ¶4)
Lik 5:1—Ke hobaneng ha Ananiase le Safira ba ile ba rekisa tshimo ya bona? (w13 3/1 15 ¶4)
O ithutileng ka Jehova mmalong wa Bibele wa bekeng ee?
O fumane matlotlo kapa dintlha dife tse ding mmalong wa Bibele wa bekeng ee?
Mmalo wa Bibele: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Lik 5:27-42
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlase ho moo) Sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho. Motho eo o buang le yena o bua e nngwe ya dintho tseo batho ba tshimong ya heno ba tlwaetseng ho di bua ha ba hanyetsa, bontsha hore na o tla mo araba jwang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlase ho moo) Sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho. Motho eo o buang le yena o o bolella hore ha se Mokreste.
Video ya Leeto la Bobedi la ho Boela: (5 mets.) Bapala video le be le buisane ka yona.
PHELA JWALO KA MOKRESTE
“Melemo ya ho Paka ka Diteroli Lefatsheng ka Bophara”: (15 mets.) Puisano ka molebedi wa tshebeletso. Bapala video. Haeba phutheho ya lona e sebedisa tafole kapa troli ho paka, e bontshe bamamedi. Bolela ditlhophiso tse entsweng. Haeba nako e dumela, bolela kapa o kope bahweletsi hore ba etse pontsho ya se hlileng se etsahahetseng. Hlalosetsa bahweletsi hore na ba ka nka karolo jwang.
Thuto ya Bibele ya Phutheho: (30 mets.) lv kgao. 16 ¶9-14 le Lebokose la sehlooho se reng “Hlokomela Mano a Satane” se ho leq. 192-193
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona Mme o Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ya 64 le Thapelo