PHELA JWALO KA MOKRESTE
O ka Atleha le ha o e na le “Moutlwa Nameng”
Dinakong tsena tse mahlonoko, mathata a kang meutlwa a ama bahlanka bohle ba Modimo. (2Ti 3:1) Ke jwang re ka itshetlehang ka Jehova mme ra atleha ho sebetsana le mathata ana? Shebellang video e reng “Mahlo a Difofu a Tla Tutuboloha” ho bona hore na Talita Alnashi le batswadi ba hae ba ile ba etsa seo jwang ebe ka mora moo le araba dipotso tse latelang:
Talita o ne a e na le “moutlwa nameng” ofe?
Ke ditshepiso dife tse thusitseng Talita le batswadi ba hae ho dula ba e na le tshepo?
Batswadi ba Talita ba bontshitse jwang hore ba itshetlehile ka Jehova hang fela ka mora opereishene ya hae?
Batswadi ba Talita ba ile ba sebedisa dintho tseo mokgatlo o fanang ka tsona jwang ho mo thusa ho rata Modimo?
Talita o bontshitse jwang hore o ntse a tswela pele ho ba le kamano e ntle le Jehova ho sa tsotellehe “moutlwa nameng” oo a nang le ona?
Mohlala wa Talita o o kgothaditse jwang?