Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb19 September leq. 7
  • “Le Tswele Pele ho Nahana ka Dintho Tsena”

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • “Le Tswele Pele ho Nahana ka Dintho Tsena”
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Bafilipi 4:8—“Le dule le nahana ka dintho tsa nnete”
    Ditemana Tsa Bibele di a Hlaloswa
  • Laola Menahano ya Hao e le Hore o ka Dula o Tshepahala
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dintho Tseo ke Nahanisisang ka Tsona
    Binelang Jehova le Thabile
  • Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Bala Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 September leq. 7
Morabo rona o khomphieutheng ya hae bosiu, mme setshwantsho sa tau e purumang e tshwantshetsang Satane, se pela hae

PHELA JWALO KA MOKRESTE

“Le Tswele Pele ho Nahana ka Dintho Tsena”

Dintho dife? Bafilipi 4:8 e re re nahane ka dintho tsa nnete, dintho tseo ho amehwang ka tsona ka botebo, dintho tse lokileng, dintho tse hlwekileng, dintho tse ratehang, dintho tse buuwang hantle, bokgabane le dintho tse lokelwang ke thoriso. Ke nnete hore sena ha se bolele hore Mokreste o lokela ho dula a nahana ka Bibele feela. Le ha ho le jwalo, dintho tseo re di nahanang e lokela ho ba tse thabisang Jehova. Ha re a lokela ho nahana dintho tse tla etsa hore ho be thata ho tshepahalla Jehova.​—Pes 19:14.

Ho ka ba thata ho qoba menahano e fosahetseng. Re lokela ho lwana le ho se phethahale ha rona le tshusumetso ya Satane, e leng “modimo wa tsamaiso ena ya dintho.” (2Ko 4:4) Ka ha ke yena ya laolang metjha ya phatlalatso ya lefatshe lena, dintho tseo re di shebellang thelebesheneng, tseo re di mamelang radiong, tse hlahang Inthaneteng le tseo re di balang dibukeng, di silafetse. Re lokela ho kgetha ka hloko dintho tseo re di kenyang dikelellong tsa rona hobane seo se ka ama menahano ya rona mme ha morao sa ama le tsela eo re etsang dintho ka yona.​—Jak 1:14, 15.

SHEBELLANG VIDEO E RENG QOBA DINTHO TSE KA ETSANG HORE O SE KE WA TSHEPAHALA​—BOIKGOHOMOSO, EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morabo rona o shebile dintho tse sa lokang founung ya hae bosiu

    Morabo rona o ne a shebile eng founung, hona seo se ile sa mo ama jwang?

  • Morabo rona o tswa ka ho felletseng motjheng wa puisano

    Bagalata 6:7, 8 le Pesaleme ya 119:37 di ile tsa mo thusa jwang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela