Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb20 February leq. 5
  • Banyalani ba ka Matlafatsa Manyalo a Bona Jwang?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Banyalani ba ka Matlafatsa Manyalo a Bona Jwang?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Sireletsa Lenyalo la Hao
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • Bophelo ba Lenyalo ka Mora Letsatsi la Letjhato
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
  • Lenyalo ke Mpho e Tswang ho Modimo
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 February leq. 5
Abrame le Sarai ba itokisetsa ho tloha Ure. Abrame o tshwere mokotla o moholo mme o ntse a kgothatsa Sarai, ha Sarai a ntse a kenya dintho tse ding ka basketeng.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Banyalani ba ka Matlafatsa Manyalo a Bona Jwang?

Abrahama le Sara ke mohlala o motle wa banyalani ba neng ba ratana ebile ba hlomphana. (Ge 12:11-13; 1Pe 3:6) Le ha ho le jwalo, lenyalo la bona e ne e le la batho ba sa phethahalang, mme ba ne ba tlameha ho mamella mathata ao ba tobanang le wona. Banyalani ba ka ithutang mohlaleng wa Abrahama le Sara?

Buisanang. Araba ka mosa ha molekane wa hao a bua mantswe a hlabang ka lebaka la ho halefa. (Ge 16:5, 6) Qetang nako ha mmoho. Tswela pele o bontsha molekane wa hao hore wa mo rata ka mantswe le ka diketso. Ka hodima tsohle, matlafatsang kamano ya lona le Jehova ka ho tswela pele ho ithuta, ho rapela le ho etsa borapedi ba lelapa ha mmoho. (Moe 4:12) Manyalo a tiileng a tlotlisa Jehova e leng Moqapi wa tokisetso ena e halalelang.

SHEBELLA VIDEO E RENG KA MOO O KA MATLAFATSANG LENYALO LA HAO KA TENG, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke matshwao afe a ileng a bontsha hore Shaan le Kiara ba ne ba e na le mathata lenyalong?

  • Ke hobaneng ha puisano e le ya bohlokwa lenyalong?

  • Mohlala wa Abrahama le Sara o thusitse Shaan le Kiara jwang?

  • Shaan le Kiara ba ile ba etsang ho matlafatsa lenyalo la bona?

  • Ke hobaneng ha monna le mosadi ba sa lokela ho lebella hore lenyalo la bona e tla ba le phethahetseng?

Setshwantsho: Diketsahalo tse hlahang videong e reng ‘Ka Moo o ka Matlafatsang Lenyalo la Hao ka Teng.’ Shaan le Kiara ba nka mehato ya ho matlafatsa lenyalo la bona. 1. E mong le e mong o dutse ka thoko soufeng. 2. Ba tshwarane ka matsoho. 3. Ba sebetsa ha mmoho tshebeletsong ya tshimo ba thabile.

O ka matlafatsa lenyalo la hao.

Ho fumana dintlha tse eketsehileng tse mabapi le hore na o ka matlafatsa lenyalo la hao jwang, sheba dihlooho tse hlahang ho Fadimehang! le ho jw.org/st-za:

  • “Ha Bana ba se ba Tswile Phakweng”​—g17.4 10-11

  • “Le ka Buisana ka Mathata Jwang?”​—g16.3 10-11

  • “Haeba o Swetsehile ka Seo o Neng o se Lebeletse Lenyalong”​—g 3/14 14-15

  • “Ka Moo o ka Mamelang ka Hloko”​—g 12/13 12-13

  • “Ka Moo le ka Kgaotsang ho Ngangisana”​—g 2/13 4-5

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela