LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb20 February leq. 7
  • Na o Fumana Molemo ka ho Bala Bukana ya Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o Fumana Molemo ka ho Bala Bukana ya Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
  • Dintlha tse Ding
  • Bibele e ka Nthusa Jwang?—Karolo ya 3: Rua Molemo ha o Bala Bibele
    Batjha ba a Botsa
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 February leq. 7

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Na o Fumana Molemo ka ho Bala Bukana ya Ho Hlahlobisisa Mangolo Ka Mehla?

Na ho bala temana ya letsatsi ka mehla ke e nngwe ya dintho tseo o di etsang ho ba motswalle wa Jehova? Haeba ha ho jwalo, qalella hona jwale. Batho bang ba thabela ho bala temana ya letsatsi hoseng e le hore ba ka nahanisisa ka dintlha tsa yona letsatsing leo. (Jos 1:8; Pes 119:97) O ka fumana molemo o eketsehileng jwang Lengolong la temana ya letsatsi? Bala ditemana tse potolohileng temana eo ho fumana dintlha tse eketsehileng. Leka ho nahana ka tlaleho ya Bibele e hlakisang molaomotheo o hlahang lengolong la temana ya letsatsi. Ebe o sebedisa molaomotheo oo bophelong ba hao. Ha lentswe la Modimo le ama diqeto tseo o di etsang, le tla o tataisa mme o tla fumana molemo.​—Pes 119:105.

Malapa a Bethele lefatsheng lohle a bala temana ya letsatsi ha mmoho ka nako ya dijo tsa hoseng. Morao tjena, mananeo ana a se a hlaha ho JW Broadcasting® tlasa MANANEO A IKGETHILENG. O qetetse neng ho shebella a mang a mananeo a a? Mohlomong a mang a wona a bua ka dintho tse o amang. Ka mohlala, mohlala wa Lota o ka susumetsa diqeto tsa hao jwang?

SHEBELLA VIDEO E RENG LE SE KE LA RATA LEFATSHE (1JO 2:15), EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke molaomotheo ofe wa Bibele oo ho buuwang ka wona lenaneong lee la hoseng?

  • Tlaleho ya Lota e bontsha kotsi efe ya ho rata lefatshe kapa dintho tse ho lona?​—Ge 13:12; 14:12; 19:3, 12, 13, 24-26

  • Re ka bontsha jwang hore re rata Jehova eseng lefatshe kapa dintho tse ho lona?

Setshwantsho: Morabo rona o nahana ka temana ya letsatsi, letsatsi lohle. 1. Ha a ntse a bala, o nahana ka nako eo mangeloi a neng a tshwere Lota le lelapa la hae ka matsoho a ba ntsha Sodoma. 2. Ha a ntse a ja dijo tsa motshehare mosebetsing, o nahana ka seo a se badileng hoseng. 3. Ha a ntse a mena diaparo mantsiboya, o ntse a nahanisisa ka seo a se badileng hoseng.

Nka bontsha jwang letsatsi lohle hore ke rata Lentswe la Jehova?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share