PHELA JWALO KA MOKRESTE
Etsisa Josefa Mme o Balehele Bohlola
Josefa o re behetse mohlala o motle haholo oo re ka o etsisang ha re lekeha ho etsa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. O ne a dula a hana ha mosadi wa monga hae a leka ho robala le yena. (Ge 39:7-10) O ile a araba a re: “Nka etsa bobe bona bo boholo jwang mme ka sitelwa Modimo?” Sena se ne se bontsha hore o ne a nahanne ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho Jehova hore thobalano e be ya banyalani feela. Sena se ile sa mo thusa hore a se ke a etsa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. Ho e na le hore a dule moo mme a dumelle mosadi eo hore a mo thatafalletse ho etsa se nepahetseng, o ile a baleha.—Ge 39:12; 1Ko 6:18.
SHEBELLA VIDEO E RENG BALEHELA BOHLOLA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Jin o ile a kopana le bothata bofe?
Jin o ile a ipotsa potso efe ya bohlokwa ha Mee-Kyong a mo kopa hore a mo thuse ka dipalo?
Seo Mee-Kyong a ile a se kopa Jin se ile sa etsa hore Jin a ikutlwe jwang?
Jin o ile a fumana thuso jwang?
Jin o ile a etsang hore a balehele bohlola?
Ke eng seo o ithutileng sona videong ee?