31 August–6 September
EXODA 21-22
Pina ya 141 le Thapelo
Seo re Tlo Ithuta Sona (1 mots.)
MATLOTLO A TSWANG BIBELENG
“Nka Bophelo e le ba Bohlokwa Jwalo ka Jehova”: (10 mets.)
Ex 21:20—Jehova o hloile polao (it-1-E 271)
Ex 21:22, 23—Jehova o nka bophelo ba ngwana ya so hlahe e le ba bohlokwa (lvs 95 ¶16)
Ex 21:28, 29—Jehova o lebelletse hore re mamele melao ya tshireletseho (w10 4/15 29 ¶4)
Batlisisa Matlotlo a Patilweng: (10 mets.)
Ex 21:5, 6—Ho ya ka ditemana tsee, ho inehela ho Jehova ho re tswela molemo jwang? (w10 1/15 4 ¶4-5)
Ex 21:14—Temana ye e ka hlaloswa jwang? (it-1-E 1143)
O fumane dintlha dife mmalong wa Bibele wa bekeng ye, tseo o ithutileng tsona ka Jehova, tshebeletso ya tshimo kapa dintho tse ding?
Mmalo wa Bibele: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Ex 21:1-21 (th thuto ya 5)
EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlase ho moo) Sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho, ebe o memela motho eo o buang le yena dibokeng. (th thuto ya 2)
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlase ho moo) Sebedisa mohlala wa seo o ka se buang le batho mme o buelle video e reng Ho Etsahala Eng Holong ya Mmuso? (empa o se ke wa e bapala). (th thuto ya 20)
Puo: (5 mets. kapa ka tlase ho moo) w09 4/1 31—Sehlooho: Jehova ke Ntate wa Bashanyana ba se Nang Bontate. (th thuto ya 19)
PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ananela Mpho ya Bophelo: (10 mets.) Puisano. Bapala video ebe o botsa dipotso tse latelang: Ke mathata afe ao moimana a ka tobanang le ona? Exoda 21:22, 23 e re thusa hore re tadime taba ya ho ntsha mpa jwang? Ke hobaneng ha motho a lokela ho ba le tumelo le sebete e le hore a etse qeto e tla thabisa Jehova? Tshepo ya hore bafu ba tla tsoswa e re tshedisa jwang?
Ho Inehela ho Jehova ho re Tswela Molemo Jwang?: (5 mets.) Puo e thehilweng ho Molula-Qhooa wa 15 January 2010, leqephe 4, dirapa 4-7. Kgothalletsa batho ba ithutang Bibele hore ba inehele ho Jehova mme ba kolobetswe.
Thuto ya Bibele ya Phutheho: (30 mets.) ia kgao. 18 ¶1-21 le lebokose le nang le sehlooho se reng Seo u ka Nahanang ka Sona le ho leq. 161
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona (3 mets. kapa ka tlase ho moo)
Pina ya 90 le Thapelo