PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Tsebo Ya Rona Boboleding—Ka ho Bua le Batho ka Khamera Kapa ka Intercom
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA? Batho ba bangata ba na le dikhamera le di-intercom matlong a bona hobane ba tshaba ho bulela batho bao ba sa ba tsebeng ka lebaka la tlolo ya molao. Re ka nna ra tshaba ho bolella motho eo re sa mo boneng molaetsa o tswang ka Bibeleng difahleho di sa tadimana. Dintlha tse latelang di tla re thusa hore na re ka etsang ha re bua le batho khamereng kapa ka intercom.
O KA ETSA SEO JWANG?
O se ke wa nahana hore ba ke ke ba mamela. Batho ba bangata ba nang le dikhamera le di-intercom matlong a bona ba batla ho qoqa le rona
Hopola hore dikhamera tse ding di rekota le pele o tobetsa bell mme ho ka etsahala hore mongantlo o ntse a o shebile a bile a mametse seo o se buang
Ha mongantlo a araba, bua o shebile khamera kapa intercom jwalo ka ha eka o bua le yena o mo shebile. Bososela mme o bue seo o neng o tla se bua ha a ne a ka o bulela monyako hore o kene. Haeba ho na le khamera, o se ke wa e atamela haholo. Haeba mongantlo a sa arabe, o se ke wa mo siela molaetsa
Ka mora hore o buisane le mongantlo, hopola hore e ka nna yaba o ntse a o shebile a bile a o mametse