Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb20 November leq. 3
  • Ke Hobaneng ha Baiseraele ba ne ba Nyehela?

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobaneng ha Baiseraele ba ne ba Nyehela?
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 November leq. 3
Setshwantsho: 1. Poho, podi le dinku di ne di fanwa e le sehlabelo. 2. Jesu Kreste thupeng ya tlhokofatso.

MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 1-3

Ke Hobaneng ha Baiseraele ba ne ba Nyehela?

1:3; 2:1, 12; 3:1

Molao wa Moshe o ne o laetse Baiseraele hore ba etse dinyehelo kapa mahlabelo. Ho etsa sena ho ne ho thabisa Jehova hape ho ne ho tshwantshetsa sehlabelo sa Jesu sa thekollo kapa melemo e neng e tliswa ke sehlabelo seo.​—Heb 8:3-5; 9:9; 10:5-10.

  • Jwalo ka ha diphoofolo tse neng di etswa mahlabelo di ne di lokela ho ba tse phetseng hantle ebile di se na sekodi ka ho tshwanang, sehlabelo sa Jesu se ne se phethahetse mme mmele wa hae o ne o se na sekodi.​—1Pe 1:18, 19; sheba le setshwantsho se leqepheng le qalang

  • Feela jwalo ka ha dinyehelo tsa setjheso di ne di lokela ho fanwa ka pelo yohle ka ho tshwanang, Jesu le yena o ile a fana ka mmele wa hae e le sehlabelo ka pelo yohle ho Jehova

  • Feela jwalo ka ha batho ba neng ba fana ka sehlabelo se kopanetsweng ba ne ba na le kgotso le Modimo, ka ho tshwanang le batlotsuwa ba jang Dijo Tsa Shwalane Tsa Morena ba na le kgotso le Modimo

Morabo rona ya tlotsitsweng o ja Dijo tsa Shwalane tsa Morena.
    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela