MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LEVITIKE 12-13
Re ka Ithutang Melaong e Mabapi le Lepera?
Melaomotheo e thehilweng melaong e mabapi le lepera e ka re thusa jwang hore re dule re na le kamano e ntle le Jehova?
Jehova o ile a ruta baprista hore ke jwang ba ka hlokomelang ka pele ha motho a na le lepera. Ka ho tshwanang, kajeno baholo ba kgona ho hlokomela ka pele ha Mokreste a hloka thuso ya hore a matlafatse kamano ya hae le Jehova.—Jak 5:14, 15
Baiseraele ba ne ba lokela ho tjhesa eng kapa eng e neng e na le lepera e le hore le se ke la silafatsa dintho tse ding. Bakreste le bona ba lokela ho ikemisetsa ho lahla eng kapa eng le haeba ke ya bohlokwa ho bona, e ka etsang hore ba etse sebe. (Mat 18:8, 9) Ho akarelletsa le dintho tse kang tsela eo ba itshwarang ka yona, metswalle le boithabiso
Ke eng e ka thusang Mokreste hore a amohele thuso e tswang ho Jehova?