Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb20 December leq. 8
  • Tswela Pele o Fana ka Dimakasine

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Tswela Pele o Fana ka Dimakasine
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
mwb20 December leq. 8
Moradiwabo rona o bua le mosadi e mong ka sehlooho se hlahang ho ‘Fadimehang!’

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Tswela Pele o Fana ka Dimakasine

Ho tloha ka 2018, makasine e nngwe le e nngwe eo re e fang batho tshimong e bua ka sehlooho se le seng makasine kaofela. Dimakasine tsena kaofela di fumaneha tlasa Dithulusi Tsa ho Ruta. Ka hoo, re ka kgona ho fana ka tsona tshimong. Hape re ka nka dimakasine tse seng kae ha re ya dibakeng tse itseng kapa dishopong. Dimakasine tsena ha di a etsetswa hore re di sebedise ha re ithuta Bibele le batho empa di ka thusa batho hore ba tsebe ho eketsehileng ka Modimo.

Ha o ntse o bua le motho mo balle lengolo ebe o bua ka makasine e buang ka taba eo a ka e thabelang. Ka mohlala, haeba a e na le lelapa, a utlwile bohloko kapa a imetswe maikutlong o ka nna wa re: “Haufinyane ke ile ka bala sehlooho se buang ka taba eo. Na nka o bontsha sona?” Haeba o bona eka o thabela ho qoqa le wena, o ka nna wa mo fa makasine eo kapa wa mo romella yona founung ya hae esita le ha o qala ho kopana le yena. Le hoja mosebetsi wa rona e se ho fana ka dimakasine feela, di ka re thusa hore re fumane batho ba ikemiseditseng ho sebedisa seo ba ithutang sona.​—Lik 13:48.

2018

Ditshwantsho: Dihlooho tse hlahileng ho ‘Tora ya ho Lebela’ le ‘Fadimehang!’ ka 2018. 1. ‘Na Ehlile Bibele e Tswile Fesheneng?’ 2. ‘O Nahana Hore Bokamoso bo o Tshwaretseng?’ 3. ‘Na Modimo o a o Kgathalla?’ 4. ‘O ka Fumana Thabo ya Sebele Jwang Bophelong?’ 5. ‘Dintlha Tse 12 Tse ka Thusang Malapa Hore a Atlehe.’ 6. ‘Batho ba Hlokahalletsweng ba ka Thuswa Keng?’

2019

Ditshwantsho: Dihlooho tse hlahileng ho ‘Tora ya ho Lebela’ le ‘Fadimehang!’ ka 2019. 1. ‘Modimo ke Mang?’ 2. ‘Na o na le Lebaka la ho Phela?’ 3. ‘Na Bophelo Boo ke Bona Phetho?’ 4. ‘Na re Tla ke re Ikutlwe re Sireletsehile?’ 5. ‘Dintlha Tse 6 Tseo Bana ba Lokelang ho Ithuta Tsona.’ 6. ‘Na Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao?’

2020

Ditshwantsho: Dihlooho tse hlahileng ho ‘Tora ya ho Lebela’ le ‘Fadimehang!’ ka 2020. 1. ‘Na o ka Fumana Nnete ka Bibeleng?’ 2. ‘Mmuso wa Modimo ke Eng?’ 3. ‘Modimo wa Rona ya Lerato o a re Hlohohonolofatsa.’ 4. ‘O ka Kgona ho Kgaotsa ho Tshwenyeha.’ 5. ‘Dipotso Tse 5 Tseo re Ipotsang Tsona ka Mathata di a Arajwa.’ 6. ‘Na Kgethollo e Tla Fela?’

Batho ba tshimong ya heno ba thabela ho bua ka eng?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela