PHELA JWALO KA MOKRESTE
“O se ke wa Tshwenyeha”
Jehova o ile a thusa Baiseraele ba neng ba futsanehile. Mehleng ee, o thusitse bahlanka ba hae ba futsanehileng ka ditsela dife?
O ba rutile hore ba se ke ba rata tjhelete haholo. —Lu 12:15; 1Ti 6:6-8
O ba thusitse hore ba itlhomphe.—Job 34:19
O ba rutile hore ba sebetse ka thata le ho qoba dintho tse ka ba ntshang kotsi.—Lipr 14:23; 20:1; 2Ko 7:1
O ba file bara le baradibabo bona ba ba ratang. —Joh 13:35; 1Jo 3:17, 18
O ba fa tshepo.—Pes 9:18; Esa 65:21-23
Ha re a lokela ho tshwenyeha ho sa tsotellehe hore na re kopana le mathata a mangata hakae bophelong. (Esa 30:15) Jehova o tla re hlokomela ha feela re etelletsa Mmuso wa hae pele bophelong. —Mat 6:31-33.
SHEBELLANG VIDEO YA LERATO HA LE FELE HO SA TSOTELLEHE . . . BOFUTSANA—CONGO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:
Bara le baradibabo rona ba dulang haufi le moo kopano e tshwarelwang teng, ba ile ba bontsha lerato jwang ho ba neng ba tswa hole ba tlile kopanong?
Video ee e bontsha jwang hore Jehova o rata batho ba futsanehileng?
Re ka etsisa Jehova jwang ho sa tsotellehe bokgoni boo re nang le bona?