Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb22 March leq. 5
  • Dintho Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Tshepa Jehova

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Dintho Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Tshepa Jehova
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Bibele e re Rutang ka Thapelo?
    Bibele e re Rutang?
  • Thapelo e ka o Thusa ho ba Motswalle wa Modimo
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Bala Bibele ho ka o Thusa Jwang Hore o Mamelle Mathata?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Bontsha Tumelo Mme o Etse Diqeto ka Bohlale
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 March leq. 5

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Dintho Tse Tharo Tse ka re Thusang ho Tshepa Jehova

Davida o ile a kgona ho hlola Goliathe hobane o ne a tshepile Jehova. (1Sa 17:45) Jehova o batla ho sebedisa matla a hae ho thusa batho ba hae. (2Likr 16:9) Re ka tshepa thuso eo Jehova a re fang yona jwang ho e na le ho tshepa bokgoni le boiphihlelo ba rona? Re ka thuswa ke dintho tsena tse tharo:

  • Dula o Rapela. Ha o entse phoso o se ke wa rapella feela hore Modimo a o tshwarele empa o rapele le ha o lekeha ho etsa ntho e fosahetseng. (Mat 6:12, 13) Pele o etsa qeto, rapela Jehova hore a o fe bohlale mme a o tataise.​—Jak 1:5

  • Bala Bibele mme o ithute ka mehla. Bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pes 1:2) Nahanisisa ka seo o ithutang sona ka Bibeleng mme o se sebedise bophelong ba hao. (Jak 1:23-25) Lokisetsa pele o ya tshimong ho e na le ho tshepa bohlale ba hao. O tla rua molemo haeba o lokisetsa dintho tseo re tla ithuta tsona dibokeng esale pele.

  • Tsamaisana le mokgatlo wa Jehova. Tsamaisana le tataiso ya mokgatlo ya moraorao mme o e latele hanghang. (Nu 9:17) Mamela ha baholo ba o fa keletso le tataiso.​—Heb 13:17

Bara le baradibabo rona le baqolotsi ba ditaba ba shebile ha mapolesa a isa morabo rona teronkong.

SHEBELLANG VIDEO YA HA HO NA LEBAKA LA HO TSHABA MAHLORISO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

• Bara le baradibabo rona ba ne ba tshaba eng?

• Ba thusitswe ke eng hore ba hlole tshabo?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela