Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb22 May leq. 11
  • Laola Ditakatso Tsa Hao

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Laola Ditakatso Tsa Hao
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 May leq. 11

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Laola Ditakatso Tsa Hao

Ka ha ha re a phethahala, re lokela ho dula re lwantsha ditakatso tsa rona. Haeba re hloleha ho etsa seo, setswalle sa rona le Jehova se ka senyeha. Batho ba bang ba amehile ka dintho tse kang dijo, diaparo le bodulo ho feta ho rata Modimo. Ba bang ba kgotsofatsa takatso ya bona ya ho etsa thobalano ka tsela e kgahlanong le melao ya Modimo. (Bar 1:26, 27) Ba bang ba bona ba susumelletseha ho etsa dintho tse fosahetseng hobane feela ba batla ho ratwa le ho amohelwa ke batho ba bang.​—Ex 23:2.

Re ka laola ditakatso tsa rona jwang? Re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho kgahlisa Jehova. (Mat 4:⁠4) Re boetse re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho laola ditakatso tsa rona. Hobaneng? Hobane Jehova o tseba se molemo bakeng sa rona ebile o a tseba hore na re ka kgotsofatsa ditakatso tsa rona jwang ka tsela e nepahetseng.​—Pes 145:16.

SHEBELLANG VIDEO YA HO TSUBA HO KA SENYA BOPHELO BA HAO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setshwantsho se hlahang videong ya “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Motjhine o ntsha dipopi tse tsubang.

    Ke hobaneng ha batho ba bang ba tsuba?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Letshwafo la motho ya tsubang le kgohlela ha bohloko.

    Ho tsuba ho ka ba le ditlamorao dife?

  • Setshwantsho se hlahang videong ya “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Rakgwebo o kgadisa ngwanana ka motjhine wa Hubbly Bubbly.

    Ke hobaneng ha ho tsuba sakerete le Hubbly Bubbly ho le phoso?​—2Ko 7:1

  • Setshwantsho se hlahang videong ya “Ho Tsuba ho ka Senya Bophelo ba Hao.” Ngwanana o ka hodima ntlo o shebile lehodimo le hlakileng.

    O ka kgona ho hlola takatso ya ho tsuba.

    O ka hana jwang ha motho e mong a re o tsube? O ka tlohela ho tsuba jwang?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela