PHELA JWALO KA MOKRESTE
Se ka re Thusang ho Qoba ho Dieha ho Etsa Dintho
Motho ya diehang ho etsa dintho ha a etse dintho tseo a ka kgonang ho di etsa kapa tseo a tlamehang ho di etsa ka nako. Ka lehlakoreng le leng, Jehu ha a ka a dieha ho phetha taelo eo Jehova a neng a mo file yona ya hore a bolaye ba ntlo ya Akabe. (2Ma 9:6, 7, 16) Batho ba bang ba re: “Ke tla kolobetswa ka mora dilemo tse itseng.” “Ke tla qalella ho bala Bibele letsatsi le leng le leng haufinyane.” “Ke tla ba pulamadiboho mohlang ke seng ke fumane mosebetsi o hantle.” Mangolo a ka re thusa hore re qobe ho dieha ho etsa dintho tse amanang le borapedi ba rona.
Ditemana tse latelang di ka re thusa jwang hore re qobe ho dieha ho etsa dintho?