Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb22 November leq. 11
  • Eba le Kgodiseho ya Hore o Tla Pholoha ha Lefatshe Lena le Fediswa

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Eba le Kgodiseho ya Hore o Tla Pholoha ha Lefatshe Lena le Fediswa
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Dula o Tshepahala Nakong ya “Matshwenyeho a Maholo”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Mmuso wa Modimo o Fedisa Dira Tsa Wona
    Mmuso wa Modimo o a Busa!
  • Armagedone e ya Thabisa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
  • Ikemisetse ho Tshepahalla Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso—2020
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
mwb22 November leq. 11
Morabo rona o ithuta buka ya “Pure Worship of Jehovah​—Restored At Last!” O iketsetsa setshwantsho ka kelellong sa lengeloi la Jehova ha le sireletsa batho ba Modimo nakong ya Armagedone.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Eba le Kgodiseho ya Hore o Tla Pholoha ha Lefatshe Lena le Fediswa

Haufinyane mamello ya Jehova e tla fela. Bodumedi ba bohata bo tla fediswa, ditjhaba tse ikopantseng di tla hlasela batho ba Modimo mme Jehova o tla fedisa batho ba kgopo ntweng ya Armagedone. Bakreste ba lebelletse ka tjantjello dinako tsena tse thabisang.

Ke nnete hore ha re tsebe dintlha tsohle mabapi le mahlomola a maholo. Mohlala, ha re tsebe hore na a tla qala neng. Ha re tsebe hore na baetapele ba dipolotiki ba tla hlasela bodumedi ka mabaka afe. Ha re tsebe hore na tlhaselo ya batho ba Modimo e tla nka nako e kae le hore na e tla akareletsang. Hape ha re tsebe hore na Jehova o tla sebedisang ho fedisa batho ba kgopo ntweng ya Armagedone.

Le ha ho le jwalo, Mangolo a re fa dintlha tsohle tseo re di hlokang e le hore re ka lebella bokamoso ka sebete le kgodiseho. Mohlala, re a tseba hore re phela qetellong ya ‘matsatsi a ho qetela.’ (2Ti 3:1) Re a tseba hore tlhaselo ya bodumedi ba bohata e tla “fokotswa” e le hore bodumedi ba nnete bo se ke ba fediswa. (Mat 24:22) Re a tseba hore Jehova o tla pholosa batho ba hae. (2Pe 2:9) Re a tseba hore Eo Jehova a mo kgethileng ho fedisa ba kgopo le ho boloka ba bongata bo boholo nakong ya Armagedone, o lokile mme o matla.​—Tshe 19:11, 15, 16.

Ka sebele, diketsahalo tse tlang di tla etsa hore ‘batho ba idibane ke tshabo.’ Le ha ho le jwalo, ha re bala le ho nahanisisa ka moo Jehova a ileng a pholosa batho ba hae nakong e fetileng le ka seo a se senotseng ka bokamoso, re ka ‘ema tswee! ra ba ra phahamisa dihlooho’ re kgodisehile hore topollo ya rona e haufi.​—Lu 21:26, 28.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela