Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb23 January leq. 5
  • Matlafatsa Tumelo ya Hao Lentsweng la Modimo

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Matlafatsa Tumelo ya Hao Lentsweng la Modimo
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Batla Bohlale ka ho Bala Bibele ka Mehla
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Fumana Dikarabo Tsa Dipotso Tsena
    Lenaneo la Kopano ya Potoloho ya 2025-2026 ka Molebedi wa Potoloho
  • Fumana Dikarabo Tsa Dipotso Tsena
    2025-2026 Kopano ya Potoloho ya Dipaki Tsa Jehova Ka Moemedi Wa Lekala
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 January leq. 5
Ditshwantsho: Moradi wabo rona e motjha o bala Bibele. 1. O etsa lethathamo la batho ba hlahang ka Bibeleng le dinako tseo ba phetseng ka tsona. 2. O bala Bibele ya “Phetolelo ya Lefatshe le Letjha” ya ho ithuta ho jw.org. 3. O sheba mmapa wa dibaka tse hlahang ka Bibeleng. 4. O toroya moprista ya phahameng mme o ngola mabitso a diaparo tsa hae.

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Matlafatsa Tumelo ya Hao Lentsweng la Modimo

Lentswe la Modimo le ka fetola bophelo ba rona. (Heb 4:12) Le ha ho le jwalo, hore re rue molemo tataisong le keletsong eo le fanang ka yona, re lokela ho kgodiseha hore e fela e le “lentswe la Modimo.” (1Th 2:13) Re ka matlafatsa tumelo ya rona jwang Bibeleng?

Bala karolo e itseng ya Bibele letsatsi le leng le le leng. Ha o ntse o bala Bibele, batla bopaki ba hore Jehova ke yena Mongodi wa yona. Ka mohlala, hlahloba dikeletso tse hlahang bukeng ya Diproverbia mme o ele hloko ka moo di ntseng di sebetsa le kajeno.​—Pr 13:20; 14:30.

Etsa dipatlisiso. Tseba bopaki bo bontshang hore Bibele e tswa ho Modimo. Hlahloba Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ya Lipaki Tsa Jehova, sheba sehlooho se reng “Bibele” ebe o sheba sehloohwana se reng “E Bululetswe ke Molimo.” O ka boetse wa tiisa tumelo ya hao hore molaetsa wa Bibele ha o eso fetohe ka hore o hlahlobe dintlha tse hlahang ho Ntlha ya A3 ho Phetolelo ya Lefatshe le Letjha.

SHEBELLANG VIDEO YA KE HOBANENG HA RE DUMELA HO . . . LENTSWE LA MODIMO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ho fumanwa ha lebota la tempele le Karnak e Egepeta ho bontsha jwang hore Lentswe la Modimo ke nnete?

  • Re tseba jwang hore molaetsa wa Bibele ha o eso fetohe?

  • Taba ya hore Bibele e ntse e le teng le kajeno e o kgodisa jwang hore e fela e le Lentswe la Modimo?—Bala Esaia 40:8

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela