Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • mwb23 September leq. 11
  • Jehova o Pholosa ba Imetsweng Maikutlong

Ha ho na video mona.

Ka maswabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Pholosa ba Imetsweng Maikutlong
  • Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Dingolwa Tse Tshwanang
  • Diqeto Tse Bontshang Hore re Tshepa Jehova
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
  • Jehova “o Fodisa Bao Dipelo Tsa Bona di Utlwileng Bohloko”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
  • ‘Ho Atamela ho Modimo ho re Tswela Molemo’
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2025
  • Jehova o Tla o Thusa ha ho le Boima
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2024
Bala Tse Ding
Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2023
mwb23 September leq. 11

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Jehova o Pholosa ba Imetsweng Maikutlong

Motho e mong le e mong o na le ho utlwa bohloko. Ho utlwa bohloko ha ho bontshe hore tumelo ya rona e a fokola. Etswe le Jehova o na le ho utlwa bohloko ka dinako tse ding. (Ge 6:​5, 6) Ho thweng teng haeba ka dinako tse ding kapa ka dinako tsohle re dula re utlwile bohloko haholo?

Rapela Jehova o mo kope thuso. Jehova o amehile ka hore na re ikutlwa jwang. O a tseba ha re thabile le ha re utlwile bohloko. O utlwisisa hantle hore na ke hobaneng ha re nahana le ho ikutlwa ka tsela eo re ikutlwang ka yona. (Ps 7:9b) Ha bohlokwa le ho feta ke hore Jehova o a re tsotella ebile a ka re thusa ho sebetsana le ho utlwa bohloko kapa ho tepella maikutlong.—Ps 34:18.

Sireletsa kelello ya hao. Ho nyahama ha ho etse feela hore re se ke ra thaba empa ho ka boetse ha ama setswalle sa rona le Jehova. Ka lebaka lena re tla be re etsa hantle ha re sireletsa dipelo tsa rona ka ha di senola seo re hlileng re leng sona.—Pr 4:23.

SHEBELLANG VIDEO YA BADUMEDIMMOHO LE RONA BA NTSE BA ENA LE KGOTSO HO SA TSOTELLEHE KGATELLO YA MAIKUTLO EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Moradi wa bo rona Nikki o ile a etsang ho sebetsana le kgatello ya maikutlo?

  • Ke hobaneng ha Moradi wa bo rona Nikki a ile a utlwa hore o lokela ho ya ngakeng?—Mat 9:12

  • Moradi wa bo rona Nikki o ile a etsang ho bontsha hore o tshepile Jehova hore a mo thuse?

“Tora ya ho Lebela” ya No. 1 2023, sehlooho “Bibele e ka Thusa Batho ba Nang le Kgatello ya Maikutlo.”

Na ho na le motho eo o mo tsebang ya ka thabelang ho fuwa makasine ya Tora ya ho Lebela ya No. 1 2023?

Ke dintho dife tseo re ka di etsang tse ka re thusang ho laola maikutlo a rona?

(Tshwaya pela dintho tseo o lokelang ho di etsa tseo o ka ntlafatsang ho tsona.)

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Tswa
    Kena
    • Sesotho (South Africa)
    • Romela
    • Ikgethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela